Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Isaia 34:13 - BIBELE

13 Matlo a bokgosi a tla mela meutlwa, qhobosheane di melelle bobatsi le hlabahlabane. naha eo e tla fetoha hae la diphokojwe, e be moo dimpshe di phelang teng.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

13 Meutlwa e tla mela matlung a marena a teng, bobatsi le dihlahla di mele diqhobosheaneng tsa teng, e be naha ya diphokojwe le makgulo a dimpshe.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Isaia 34:13
17 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Pelong tsa rona ha re a o kwenehela, maoto a rona ha a a fapoha tsela ya hao;


Wena o fetotse motse qubu ya majwe, motse o haheleditsweng wa o fetola lesupi, motse wa bokgosi wa baditjhaba ha e sa le motse, le ho tsoswa o ke ke wa hlola o tsoswa.


Hlabathe le tjhesang le tla fetoha letsha, diba di kopotse mobung o ommeng. Moo e ne le dilao tsa diphokojwe ho tla mela jwang, le lehlaka, le lodi.


Mamela! Molaetsa ke ona o a tla! Morusu o moholo o hlaha naheng e ka leboya! Metse ya Juda e tla fetolwa nanaola, e fetohe dilao tsa diphokojwe.


“Hasore e tla fetoha lehae la diphokojwe, e be nanaola ya kamehla yohle; ha ho na motho ya tla phela ho yona, ha ho na motho ya tla aha ho yona.”


Babilona e tla ba qubu ya masupi, e fetohe lehae la diphokojwe; e tla fetoha sesomo, e nyedisehe, e be baka seo ho se nang baahi ho sona.


Metse ya Babilona e ripitlilwe, naha e fetohile sekaka le lehwatata, naha e se nang baahi le batsamai.


“Ke tla fetola Jerusalema e be masupi, ke e fetole e be selao sa diphokojwe, metse ya Juda ke e fetole nanaola, ho se be ya ka phelang ho yona.


Phokojwe le tsona di ye di nyantshe, di ye di nyantshe madinyane a tsona; empa tjhaba sa heso se sehloho haholo, se tshwana le dimpshe tsa lehwatata!


Ha ba phasaphasa, ba baleha timelo, Egepeta e tla ba kgobokanya, e ba kgobokanye mmoho, Memefise yona ebe e a ba epela. Matlotlo a silefera a tla melella bobatsi, meutlwa e ririellane ka ditenteng tsa bona.


Ka baka leo, ke a hlapanya,” ho rialo Morena wa mabotho, Morena Modimo wa Iseraele. “Moabe e tla ba jwaloka Sodoma, Amone yona e be jwaloka Gomora, naha e tletseng bobatsi le matjheko a letswai, naha e fetohileng nanaola ya mehla yohle. Masalla a tjhaba sa ka a tla e lobela, ba phonyohileng ba tjhaba sa ka ba e hape.


Esau yena ka mo hloya, ka fetola dithaba tsa hae matswatlare, lefa la hae lona ka le tlohella dibatana tsa naha.”


La howa ka lentswe le matla, la re: “E wele! E wele! Babilona e kgolo! E fetohile leaho la bademona, setshabelo sa meya yohle e ditshila, le sa dinonyana tsohle tse ditshila, tse hloyehang.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ