Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Isaia 34:11 - BIBELE

11 Morubisi le sephookwana di tla hahela ho yona, makgohlo le lekgwaba di etse dihlaha ho yona. Modimo o tla e fetola letswatlare, e be feela, e hloke sebopeho jwaloka pele pele ho tlholeho ya dintho.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

11 E tla ruwa ke moholodi le ke hlong; sephooko le lekgwaba di tla aha teng, mme e tla lekanngwa ka thapo ya tshenyo le ka thapo ya polao.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Isaia 34:11
14 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

A hlola Bamoabe, a re ba paqame fatshe, a ba bala; hlopheng se seng le se seng sa bathopuwa ba bararo a bolaya ba babedi, a siya a le mong. Bamoabe ya eba bahlanka ba Davida, ba mo thellang.


Ke tla ahlola Jerusalema jwalokaha ke ne ke ahlole Samaria, le jwalokaha ke ne ke ahlole lelapa la Akabe. Ke tla hlakola Jerusalema jwalokaha motho a hlakola sejana, a be a se ribeha.


Ka baka la ho fehelwa haholo, nama ya ka e maname, e maname masapong a ka.


“Babilona e tla ba hae, habo dinoko, e fetohe naha ya mekgwabo; ke tla e fedisa ka lefielo la timetso,” ho rialo Morena wa mabotho.


Motse wa mafeela o fetohile lesupi, matlo wohle a tinketswe, hore ha se be ya ka kenang.


Morena o di abetse naha ka lotho, ka tsoho la hae o di fa ka ho lekana, di tla rua naha eo kamehla yohle, meloko ya tsona e phele ho yona ka ho hlahlamana.


Morena o sa entse qeto ya ho heletsa, ya ho heletsa marako a Moradi wa Sione; kgwele ya ho lekanya o se a e otlolotse, ha a a ka a honyetsa tsoho la hae ha le timetsa. A etsa hore metero le marako di lle, bobedi ba tsona a di heletsa.


mpshe, le kgohoyadira, le leholosiane, le mefuta ya diphakwe;


Morena a mpotsa, a re: “Amose, o bonang?” Ka araba, ka re: “Ke bona kgwele e lekanyang.” Morena a re: “Bona! Ke tlilo bea kgwele e lekanyang hara setjhaba sa ka sa Iseraele; ha nka ke ka hlola ke se hauhela.


Mohlape o tla botha hona moo, le phoofolo tsa naha ka mefuta ya tsona. Sephooko le sephookwana di tla robala teng, di robale kahodima ditshiya, tshiya tse ntseng di eme; bo-makgohlo ba hihitse ba le difesetereng, kupukupu ya mobu e thibile menyako, hobane kedare tsa yona di tla be di wele.


La howa ka lentswe le matla, la re: “E wele! E wele! Babilona e kgolo! E fetohile leaho la bademona, setshabelo sa meya yohle e ditshila, le sa dinonyana tsohle tse ditshila, tse hloyehang.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ