Isaia 33:20 - BIBELE20 Tadimang Sione, motse wa mekete e halalelang, mahlo a lona a tla bona Jerusalema, leaho la kgotso, tente e ke keng ya thakgollwa, thakgisa tsa yona ha di ka ke tsa kgokgothollwa, thapo tsa yona ha di ka ke tsa kgaoha. အခန်းကိုကြည့်ပါ။Sesotho 1909/1961 (SO)20 Tadima Sione, motse wa mekete ya rona! Mahlo a hao a tla bona Jerusalema, e leng moaho wa boiketlo, le tente e ke keng ya tloswa, eo dithakgisa tsa yona di ke keng tsa tsomolwa, eo ho seng mohalana o lokolohang. အခန်းကိုကြည့်ပါ။ |
“Ho tloha botjhabela ho ya bophirimela, naha e sehelaneng moedi le ya Juda ke naha eo le tla e kgethela Morena. Bolelele ba yona ho tloha botjhabela ho ya bophirimela bo tla lekana le bophara ba yona ho tloha leboya ho ya borwa, e be dikilomethara tse leshome le metso e mmedi le halofo jwaloka dikarolo tsa naha tse abetsweng merabe. Sehalalelo se tla ba bohareng ba yona.