Batho ba bangata ba tlisetsa Morena dimpho Jerusalema; ba tlisetsa le Hesekiya kgosi ya Juda dimpho tsa bohlokwa. Ho tloha mohlang oo, Hesekiya a tlotleha mahlong a ditjhaba tsohle.
Ke moo Morena a tla tlotleha ho rona, e tla ba baka sa dinoka tse batsi le melatswana. Ha ho kepe sa masokwana se tla feta teng, ha ho kepe se seholo se tla sesiswa teng.
Yaba ke re: “A nna elwa! Ke madimabe hakaakang! Ke timetse! Ke motho ya puo di mpe, mme ke phela hara setjhaba se dipuo di mpe. Mahlo a ka a bone Kgosi, Morena wa mabotho.”
Lentswe ya eba motho, la aha hara rona, mme ra bona tlotla ya lona, e tletseng mohau le nnete, tlotla e kang eo Mora ya tswetsweng a nnotshi a e fumaneng ho Ntate.
Ya nang le ditaelo tsa ka, mme a di boloka, ke yena ya nthatang; ya nthatang o tla ratwa ke Ntate, le nna ke tla mo rata, mme ke tla iponahatsa ho yena.”
“Ntate, bao o nneileng bona, ke rata hore moo ke leng teng le bona ba be hona teng, hore ba bone tlotla ya ka, eo o nneileng yona, hobane o nthatile ho eso thewe lefatshe.
Baratuwa, jwale re se re le bana ba Modimo, empa seo re tlang ho ba sona ha se eso bonahatswe. Feela re a tseba hore, mohla Kreste a iponahatsang, re tla tshwana le yena, hobane re tla mmona kamoo a leng kateng.