Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Isaia 33:14 - BIBELE

14 Baetsadibe ba Sione ba tshwerwe ke tshabo, ba kgopo bona ba a thothomela: “Ke mang ho rona ya ka phelang mollong o timetsang? Ke mang ho rona ya ka phelang malakabeng a kamehla yohle?”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

14 Baetsadibe ba Sione ba tla thothomela; tshoho e tla tshwara baikaketsi, ba tla re: Ke mang hara rona ya tla tiya, a eme pela mollo o tjhesang? Ke mang ya tla tiya, a eme pela malakabe a sa timeng?

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Isaia 33:14
44 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Matshabeho a lefu a mo tshosa kahohle, hohle moo a yang teng a mo salame.


Ba kgopo o tla ba nesetsa mashala, mashala a hlenneng le sebabole, kabelo ya bona e tla ba moya o tukang.


Letsoho la hao, kgosi, le tla fihlela dira tsohle tsa hao, letsoho la hao le letona le tla fihlela bohle, bohle ba o hloileng;


Modimo wa rona o a tla, a ke ke a hlola a kgutsa. Kepele ho yena ke mollo, mollo o tjhesang lore! Sefefo se matla se mo teetse hare.


Na baa bohle ha ba na tsebo, baa ba etsang tse sa lokang baa ba itjellang setjhaba sa ka, jwalokaha ba eja bohobe, ba sa ipiletse ho Modimo?


Ya kgopo o baleha a sa phaladiswe ke motho, ba lokileng bona ba sebete jwaloka tau.


Mahlabaphiyo le baetsadibe ba tla ripitlwa, ba furaletseng Morena ba tla timela.


Ka baka leo, Morena, Morena wa mabotho, o tla etsa hore kwankwetla tsa kgosi di tsete, bakeng sa tlotla ya yona ho hotetswe mollo o tukang malakabe.


Ke tla mo romela tjhabeng sa baetsadibe, ke mo romele tjhabeng se nkgalefisang; ke tla mo laela hore a hape kgapo, ke mo laele hore a lobele lebobelo, le ho ba hatakela sa seretse sa diterata.


Yaba Morena o a bua, o re: “Tjhaba sena se bua le nna ka melomo feela, se ntlhompha ka melomo ya sona feela, empa pelo tsa sona tsona di hole le nna; se ntshaba ho ya ka ditaelo tsa batho, ditaelo tseo se di rutilweng ke batho.


Morena wa mabotho o tla o pholosa, a o pholose ka diaduma le ka tshisinyeho ya lefatshe, a o pholose ka rata le leholo, ka sefefo le setsokotsane le malakabe a timetsang.


Thothomelang, lona basadi ba iketlileng! Tlakaselang, lona barwetsana ba itshepileng! Hlobolang aparo tsa lona, itlameng matheka ka tse mahwashe!


Metsi a noka tsa Edomo a tla fetoha boka, mobu wa yona o fetohe sebabole, naha e fetohe boka bo tukang malakabe!


“Ha e le bona, ba tla tshwana le dirite feela mollo o tla ba tjhesa, ba tjhelle lore! Ba ke ke ba ipholosa kganareng ya malakabe, ana hase mashala a ka futhumetsang motho, ona hase mollo o ka orwang ke motho.


Ka baka leo, ba tla tjha sa ditlhaka di tjheswa ke mollo, ba tjhe sa matlakala a tjheswa ke malakabe, metso ya bona e tla bola, thunthung tsa bona di fefohe jwaloka lerole, hobane ba furaletse molao wa Morena mabotho, ba nyedisitse polelo tsa Ya Halalelang wa Iseraele.


Ba tla tsamaya, ba yo bona ditopo, topo tsa ba ileng ba ntshitelwa; boko tse ba jang ha di ka ke tsa eshwa, mollo o ba tjhesang ha o ka ke wa tima, mme batho bohle ba tla ba nyonya.”


Ha bolellwa ba ntlo ya Davida, ha thwe: “Baarame ba se ba fihlile naheng ya ba morabe wa Efraime.” Akase le setjhaba sa hae ba tshoha haholo, ba thothomela sa difate di tsukutlwa ke moya.


Kahoo Morena ha a sa tla thabela batjha ba bona, dikgutsana le bahlolohadi ha a sa ba utlwela bohloko, hobane bohle ba kgopo, ke baetsadibe. Molomo wa e mong le e mong o a nyefola, leha ho le jwalo kgalefo ya hae ha e a kokobela, tsoho la hae o ntsa le phahamisitse.


Ruri bokgopo bo tuka sa mollo, bo tjhesa hlabahlabane le meutlwa, bo hotetsa le meru e teteaneng, mosi o foqohe, o lebe hodimo.


Kgalefo ya Morena wa mabotho e tjhesa lefatshe, tjhaba e be dibeso tse fepelang mollo; ha ho ya tla qenehela ngwanabo.


Baetsadibe bohle ba setjhaba sa ka ba tla bolawa, ba bolawe ka sabole, ho bolawe le bohlebohle ba reng: ‘Koduwa e ke ke be ya re kgaoletsa, e ke ke be ya re wela hodimo.’ ”


Ha Morena a halefile, ya ka tiisetsang ke mang? Ha kgalefo ya Morena e tlokoma ya ka e mamellang ke mang? Kgalefo ya hae e tuka sa malakabe kapele ho yena mafika a a pshatleha.


Ebe ke mang ya ka tiisetsang tsa mohla letsatsi la ho tla ha hae? Hona ke mang ya ka emang a tiile ha a hlaha? Yena o jwaloka mollo wa sebopi kapa sesepa sa sehlatswi.


“Haeba letsoho la hao kapa leoto la hao le o dihela sebeng, le pome, o le lahle; ho molemo ho wena ho kena bophelong o le tsohane kapa kotwane ho ena le ho lahlelwa mollong o sa timeng o ena le matsoho a mabedi kapa maoto a mabedi.


Ya re ho yena: ‘Motswalle, o kene jwang moo o se na seaparo sa mokete?’ Empa eo a kgutsa.


mme o tla mo kgabelaka, a mmee hara baikaketsi, moo ho tla ba le dillo le ditsikitlano tsa meno.”


“Jwale o tla re ho ba ka ho le letshehadi: ‘Tlohang ho nna, lona ba rohakilweng, le ye mollong o sa feleng, o lokiseditsweng Diabolosi le mangeloi a hae,


“Jwale bana ba tla ya tlhokofatsong e sa feleng, ha ba lokileng ba eya bophelong bo sa feleng.”


Morena Modimo wa lona, ke mollo o timetsang, ke Modimo ya boulelang.”


a le hara malakabe a mollo, ho ahlola ba sa tsebeng Modimo le ba sa mameleng molaetsa o molemo wa Morena wa rona Jesu.


hobane Modimo wa rona ke mollo o tjhesang lore!


le yena o tla nwa jwala bo qhatseditsweng senwelong sa kgalefo ya Modimo bo sa hlapollwa, e leng jwala ba bohale ba Modimo, mme o tla hlokofatswa ka mollo le sebabole, kapele ho mangeloi a halalelang, le kapele ho Konyana.


Diabolosi, ya di kgelositseng, a akgelwa letsheng la mollo le sebabole, moo sebatana le moporofeta wa bohata ba leng teng. Ba tla hlokofatswa motsheare le bosiu, kamehla le mehla.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ