Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Isaia 33:11 - BIBELE

11 Le emotse mmoko, le tla tswala ditlhaka, ho phefumoloha ha lona ke mollo o tla le timetsa.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

11 Le emotse jwang, mme le tla beleha mooko; phefumoloho ya lona e tla hotetsa mollo, o le tjhese.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Isaia 33:11
20 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ba emola tlokotsi, ba tswale bokgopo, thetso ke yona ngwana popelo ya bona.”


Moferefere ke wa eng hara ditjhaba? Matjhaba a rerelang ntho tsa mafeela?


a lokise dibetsa tse bolayang, metsu ya hae a e etse ditsenene tse malakabe.


Bonang, e mobe o emola tse manyala, o emara bokgopo, mme o tswala thetso.


Motho ya matla o tla tshwana le twala, mosebetsi wa hae o tshwane le tlhase, motho eo a tjhe le mosebetsi wa hae, ho se be ya ka timang mollo oo.”


Tjhaba di tla kgoroha sa metsi a le mangata, empa ha Modimo a di kgalema di a baleha, di fefolwa ke moya sa mmoko hodima dithaba, jwalokaha mahlokwa a fefolwa ke sefefo.


Re ne re le baimana, re meneka ke mahlaba, empa ha re pepa ra beleha moya feela. Fatshe la rona ha re a le tlisetsa pholoho, ba tla aha ho lona le bona ha ba a tswalwa.


Ka baka leo, ba tla tjha sa ditlhaka di tjheswa ke mollo, ba tjhe sa matlakala a tjheswa ke malakabe, metso ya bona e tla bola, thunthung tsa bona di fefohe jwaloka lerole, hobane ba furaletse molao wa Morena mabotho, ba nyedisitse polelo tsa Ya Halalelang wa Iseraele.


Ha ho le ya mong ya batlang toka, ha ho le ya mong ya buang nnete dinyeweng; ba tshepa dikgang tsa mafeela, ba bua leshano; mehopolo ya bona e mebe, mme e tswala bokgopo.


Kahoo Morena ha a sa tla thabela batjha ba bona, dikgutsana le bahlolohadi ha a sa ba utlwela bohloko, hobane bohle ba kgopo, ke baetsadibe. Molomo wa e mong le e mong o a nyefola, leha ho le jwalo kgalefo ya hae ha e a kokobela, tsoho la hae o ntsa le phahamisitse.


Ha e eso rekiswe, na e ne e se ya hao na? Ha e se e rekisitswe, na tjhelete e ne e se matleng a hao na? Ke ka baka lang o ileng wa rera ka pelong ya hao ho etsa ketso ee? Ha o a thetsa batho, empa o thetsitse Modimo.”


Jwale ha takatso e mpe e se e emere, e tswala sebe, mme ha sebe se se se phethehile, se tswala lefu.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ