Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Isaia 32:9 - BIBELE

9 Lona basadi ba iketlileng, tsohang le mamele lentswe la ka! Lona barwetsana ba itshepileng, mamelang seo ke se bolelang!

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

9 Tsohang, lona basadi ba iketlang, le utlwe lentswe la ka! Lona baradi ba itshepang, le mamele dipolelo tsa ka!

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Isaia 32:9
15 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Re sonngwe ho feta tekanyo, ra songwa ke ba iketlang, re nyedisitswe ke ba ikgantshang.


Theang tsebe le utlwe lentswe la ka, mamelang le utlwe polelo tsa ka.


Morena o re: “Basadi ba Sione ba a ikgohomosa, ba tsamaya melala ba e thamotse, ka mahlo a bona ba ntse ba bonya, ba rwanyaketsa, ba hatela haufi, maqaqailana a bona a lla masekana.


Seboko se utlwahala se etswa Sione: ‘Bonang kamoo re timeditsweng kateng! Dihlong tsa rona ke tse kaakang! Re tlameha ho furalla naha ya rona, matlo a rona a fetohile masupi.’ ”


“Lona basadi utlwang lentswe la Morena, polelo tsa hae le di sekehele tsebe. Rutang baradi ba lona ho bokolla, le rutane ho bina kodi-ya-malla:


Ba kileng ba phela ka dimenyemenye, ba bolawa ke tlala hara diterata; ba neng ba apara tse mabokoboko, kajeno ba paqame dithotobolong.


Ke wona motse wane o motlehadi, o neng o ituletse ka kgotso, o neng o ikgohomosa ka ho re: “Ke nna feela, ha ho na e mong.” O fetohile lesupi le lekaakang! O fetohile letsaba la dibatana! Bo-mofeta-ka-tsela ba a o makalla, ba letsa molodi, ba opa diatla!


Mosadi ya bonojwana, ya bokotswang haeno, ya neng a ke ke a leka le ho hata fatshe ka baka la bonolo ba hae, le ho bokotswa, o tla sheba monna wa hae, eo a mo ratang haholo, le mora wa hae, le moradi wa hae, ka leihlo le lebe.


Ha Jotame a bolellwa tsena a nyoloha, a fihla a ema tlhorong ya thaba ya Gerisime. A howeletsa, a re ho banna ba Shekeme: “Mmameleng, lona banna ba Shekeme, e le hore Modimo a tle a le mamele.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ