Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Isaia 31:7 - BIBELE

7 Ka letsatsi leo, e mong le e mong o tla furalla medimo ya hae ya bohata, ya silefera le ya kgauta, eo a iketseditseng yona ka matsoho a hae a boetsadibe.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

7 Hobane tsatsing leo, e mong le e mong o tla lahla medimo ya hae ya silefera, le medimo ya hae ya kgauta, eo le iketseditseng yona ho etsa sebe ka yona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Isaia 31:7
8 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

A ke ke a sheba dialetare tse entsweng ke matsoho a hae. A ke ke a sheba tse etsedisweng tshwantsho tsa Ashera, le aletare tsa mokubetso tse entsweng ke matsoho a hae.


Mohlang oo medingwana ya bohata ya silefera, le ya kgauta, eo batho ba e etseditseng ho e kgumamela, ba tla e akgella dikgwiti le bo-mmankgane.


Medimo ya lona ya bohata, e manehilweng silefera, le medimo ya lona ya ditshwantsho, e manehilweng kgauta, le tla e silafatsa, le e lahle jwaloka lesela la lehatlelo, le re ho yona: “Tlohang mona!”


Ke tla le fafatsa ka metsi a hlwekileng, mme le tla hlweka; ke le hlwekise ditshileng tsohle tsa lona, le medingwana yohle ya lona ya bohata ke e tlose.


Ekaba Efraime o sa tla etsang ka medingwana? Ke mo utlwile, ke tla be ke mo lebele. Nna ke ka sefate sa kipere, fate se setalana, ke ka thuso ya ka o behang ditholwana.”


“Le hoja Efraime a hahile dialetare tse ngata, a tle a etsetse tefelo ya sebe ho tsona, aletare tsena di fetohile sentele sa dibe.


“Ditswantsho tse betlilweng tsa medimo ya ditjhaba tseo le di tjhese ka mollo. Silefera kapa kgauta e hodima ditshwantsho tseo le se ke la e tswela pelo, la inkela yona, esere la tshwaswa ke leraba, hobane tseo ke manyala ho Morena Modimo wa lona.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ