Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Isaia 31:4 - BIBELE

4 Morena o bua tjena ho nna: “Ha tau le tawana di puruma hodima sefifi, leha sekgakgatha sa badisana se ka di futuhela, di ke ke tsa tshoswa ke mehoo ya bona, di ke ke tsa nyaroswa ke lerata la bona. Le Morena wa mabotho o tla theoha jwalo, ho tla lwanela Thabeng ya Sione le leralleng la yona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

4 Hobane Jehova o mpoleletse, a re: Jwaloka tau, kapa tawana ha e puruma hodima phoofolo e tshwerweng ke yona, e sa tshohe mehoo ya badisa ba bangata ba e bokanetseng, e sa balehe pela bongata ba bona, ka mokgwa o jwalo, Jehova wa makgotla o tla theoha ho futuhela thaba ya Sione le leralla la yona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Isaia 31:4
21 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Yaba Jahaseele o re: “Lona bohle ba setjhaba sa Juda, le lona baahi ba Jerusalema, le wena kgosi Jehoshafate, mamelang! Morena o bua tjena ho lona: ‘Le se ke la tshaba, leha e le ho nyahama dipelo, ka baka la letshwelehadi lena, hobane ntwa ena hase ya lona, empa ke ya Modimo.


Morena o tla le lwanela, lona le ntse le itholetse!”


A kgina mabidi a dikariki tsa bona tsa ntwa, mme dikariki tsa ntwa tsa tsamaya haboima. Baegepeta ba re: “A re baleheng Baiseraele, hobane Morena o a ba lwanela!”


Ka baka leo, Morena, Morena wa mabotho, o tla etsa hore kwankwetla tsa kgosi di tsete, bakeng sa tlotla ya yona ho hotetswe mollo o tukang malakabe.


Howeletsang haholo, le didietse ka thabo, le bine lona baahi ba Sione. Ya Halalelang wa Iseraele o moholo hara lona.”


Morena o tla utlwahatsa lentswe le tlotlehang la hae, a bonahatse tsoho la hae ha le theoha, le theoha ka mabifi le ka kgalefo, ka malakabe a mollo o timetsang, ka leru le phatlohang, le ka difefo, le ka sefako.


Ha Morena a ba otla ka molamu wa hae, ho tla thoholetswa ka meropa le diharepa, mme Morena ke yena ya tla ba kgakgatha ka molamu wa hae.


Morena o tla futuha jwaloka mohale ya matla, jwaloka mohlabani o tla tsosa tjheseho ya hae; o tla howa, a hlabe mokgosi wa ntwa, dira tsa hae le tsona a di ripitle.


Jwaloka tau e tswang morung wa Jorodane, e etswa ho ya makgulong a matalana, ka ho panya ha ntshi Babilona e tla lelekwa! Ba tla sireletswa ke mang ha ke ba otla? Ya ka tshwanang le nna ebe ke mang? Ya ka nkisang kgotla yena ke mang? Moetapele ke ofe ya ka nkemang kapele?”


Etlare ha Morena a puruma sa tau, tjhaba sa hae se mo sale morao; etlare ha a puruma, bana ba hae ba tle, ba tle ba thothomela, ba etswa bophirima.


Jwale tau e se e purumile; ya ke keng a tshoha ke mang? Morena Modimo o se a buile; ya ke keng a porofeta ke mang.


Mohla tsatsi leo, Morena o tla sireletsa baahi ba Jerusalema, e le hore ba fokolang haholo hara bona ba tle ba be jwaloka Davida, le ntlo ya Davida e be jwaloka Modimo, jwaloka lengeloi la Morena le ba etellang pele.


Morena o tla futuhela ditjhaba tseo, jwalokaha a e hlanaka mohla tsatsi la ntwa.


Nna ka sebele ke tla e kopela kamahohle, ke be lerako la mollo,’ ho rialo Morena, ‘ke be tlotla kahara yona.’


Morena wa mabotho o tla ba sireletsa, dira tsa bona ba tla di timetsa, ba di hlole ka majwe a matjeketjane. Madi a tsona ba tla a nwa sa veine, ba sasamatse dimpa sa lefiswana le tletse, ba a kganathele sa manaka a aletare.


Ke tla lalla pela ntlo ya ka, ke lalle pela yona ke e lebele, mabotho a e futuhelang ke a thibele. Tjhaba sa ka ha se sa tla hlolwa ke motlatlapi, hobane jwale se lebetswe ke nna ka sebele.


mme la howa ka lentswe le leholo, jwaloka tau ha e puruma. Hoba le howe, ha thwathwaretsa matolo a supileng.


Empa e mong wa baholo a re ho nna: “O se ke wa lla. Bona, Tau ya leloko la Juda, Lehlomela la Davida, o hlotse. O tla phetla buka le ho kgomarolla dibitielo tse supileng tsa yona.”


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ