Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Isaia 30:17 - BIBELE

17 Ba sekete ba lona ba tla phaladiswa ke a le mong, ba bahlano bona ba le phaladise bohle, ho fihlela le sala le ka sefate, se itsolokileng hodima thaba, le ka mokgele hodima leralla.”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

17 Ba sekete ba tla baleha ba tshabiswa ke motho a le mong; ha ba bahlano ba le tshosa, le tla baleha ho fihlela masala a lona a eba jwaloka sefate se itlhophereng, se hlomilweng hodima thaba, leha e le jwaloka folaga e hlomilweng leralleng.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Isaia 30:17
20 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ya kgopo o baleha a sa phaladiswe ke motho, ba lokileng bona ba sebete jwaloka tau.


Makala a motse oo ha a omme a ye a rojwe, basadi ba a rwalle, ba bese mollo ka wona. Tjhaba sena ke sa batho ba hlokang kutlwisiso, kahoo Mmopi wa sona a ke ke a se utlwela bohloko, Mmopi wa sona a ke ke be a se hauhela.


Leha ho ka sala a le mong ho ba leshome, le yena o tla fediswa jwaloka sefate se seholo, a fediswe jwaloka fate sa eike, seo kutu ya sona e salang ha se rengwa. Kutu ya sona ke peo e halalelang.”


Leha le ne le ka bolaya lebotho lohle la Bakalatiya le le futuhetseng, mme ha sala mahlatsipa feela ka ditenteng, a ne a tla tswa ka ditenteng tsa wona, a tjhese motse ona ka mollo.”


Baphaladisi ba rona ba lebelo haholo, ba lebelo le ho feta dintsu di fofa; ba re phaladisitse hodima dithaba, ba re lalla hara lehwatata.


Ke tla le halefela, mme le tla bolaelwa moo dira tsa lona di le bonang. Ba le hloileng ba tla le busa, mme le tla baleha ho se ya le lelekisang.


“ ‘Ha e le masalla a lona, ke tla a etsa makwala naheng ya dira tsa wona. A tla tshoha difotle, a phaphathehe jwalokaha eka a baleha sabole, le hoja ho se ya a lelekisang.


Ba bahlano ba lona ba tla lelekisa ba lekgolo, ba lekgolo ba lona ba lelekise ba kete di leshome, mme le bolaye dira tsa lona ka sabole.


Ba lebelo ba ke ke ba phonyoha, matla a diqhobane a ke ke a di thusa, le mohlabani a ke ke a ipholosa.


Tjhaba se mosa, se ikokobetsang, se tla o salla se ntse se phela, se ntse se phela, se tshepile Morena.


Haeba makala a mang a sefate sa mohlwaare wa hae a kgaotswe, mme wena, o leng mohlwaare wa naha, o hlomathiseditswe ho sona, mme wa ba le kabelo lerong le tswang motsong wa sona,


“Morena o tla etsa hore o hlolwe ke dira tsa hao. Ha o di futuhela o tla ya o tsamaya ka tsela e le nngwe, empa ha o di baleha o tla phasaphasa ka tsela tse ngata. O tla ba mmutladintjeng ho mebuso yohle ya lefatshe.


Motho a ka phaladisa sekete a le inotshi? Ba babedi ba lelekisa di le leshome, Fika la bona le sa ba rekisa, Morena a sa neelana ka bona?


Monna a le mong wa lona o lelekile batho ba sekete, hobane Morena Modimo wa lona, ke yena ya le lwanetseng, jwalokaha a ne a le tshepise.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ