Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Isaia 30:15 - BIBELE

15 Morena Modimo, ya Halalelang wa Iseraele, o bua tjena: “Ha le ka baka, la ba le kgotso, le tla pholoha, ha le ka kgutsa, la ba le tshepo, le tla matlafala, empa le hanne ho etsa jwalo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

15 Hobane Morena Jehova, Mohalaledi wa Iseraele, o re: Polokeho ya lona e dutse ho sokoloheng, le ho phomoleng; le tla fihlela matla boitulelong le tshepong; empa le hanne.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Isaia 30:15
26 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ba ile ba ipiletsa ho Modimo ha ba le ntweng, a mamela dithapelo tsa bona, hobane ba ne ba mo tshepa, mme a neelana ka Bahagare le bathusi bohle ba bona matsohong a bona.


Na Bakushe le Balebia e ne e se lebothohadi le nang le dikariki tsa ntwa tse ngata haholo, le bahlabani ba bangata, ba palamang? Empa kahobane o ile wa tshepa Morena, o ile a neelana ka bona matsohong a hao.


Yena o tshepile matla a hae, athe rona, Modimo o na le rona; o tla re thusa, a re lwanele.” Mantswe a Hesekiya, kgosi ya Juda, a tsosa setjhaba molota.


Moya wa ka, ako boele o kgatholohe, hoba Morena o o etseditse tse molemo.


Morena o tla le lwanela, lona le ntse le itholetse!”


O kile a bua le sona, a re: “Ke tla le fa phomolo ya sebele, ba kgathetseng ba tlo phomola; ke tla fela ke le kgatholle.” Leha ho le jwalo, ha ba a ka ba mamela.


Suthang tseleng, le kgelohele kathoko, le kgaotse ho re bolella tsa Ya Halalelang wa Iseraele!”


a iswa Egepeta, naheng e se nang thuso, kahoo ke e bitsa kganyapa e se nang kotsi.


Ho loka ho tla beha tholwana ya kgotso, ho loka ho tswale kgutso le letshepa kamehla.


Tjhaba sa ka se tla phela naheng e nang le kgotso, se dule malapeng a sireletsehileng, bakeng tsa phomolo tse hlokang matshwenyeho.


empa ba tshepileng Morena ba tla tsoha molota, ba fofele hodimo jwaloka ntsu; ba tla matha, empa ba ke ke ba kgathala, ba tsamaye, ba se ke ba fellwa ke matla.


Ya neelaneng ka Jakobo hore e be lelobelo ke mang? Ya neelaneng ka Iseraele ho basenyi ba hae ke mang? Na hase Morena eo re mo sitetsweng? Ha ba a ka ba rata ho tsamaya ka tsela tsa hae, ha ba a ka ba rata ho mamela Molao wa hae.


“Sokolohelang ho nna, le tle le pholohe, lona dipheletso tsohle tsa lefatshe; ke nna Modimo, ha ho na e mong.


Le re ho yena: ‘Itlhokomele, o be sebete, o se ke wa tshaba, o se ke wa nyahamiswa pelo ke dikoqonyana tseno tse pedi tse kubellang, e leng kgalefo ya Resine le ya Baarame, le ya mora wa Remaleya.


Ha le ka ke la hlola le bua ka molaetsa wa Morena hape, hobane lentswe la motho ka mong e tla ba lona molaetsa wa hae. Le sokamisitse mantswe a Modimo ya phelang, a Morena wa mabotho, Modimo wa rona.


Ya roma bahlanka ba yona ho ya bitsa ba memetsweng moketeng, empa ba hana ho tla.


“Jerusalema! Jerusalema! Wena ya bolayang baporofeta, ya tlepetsang ka majwe ba rometsweng ho wena, ke hakae ke lakaditseng ho phutha bana ba hao, jwalokaha kgoho e alama ditsuonyana tsa yona, empa wa hana!


“Jerusalema, Jerusalema, wena ya bolayang baporofeta, ya tlepetsang ka majwe ba romilweng ho wena, ke hakae ke lakaditseng ho phutha bana ba hao jwalokaha kgoho e alama ditsuonyana tsa yona tlasa mapheo a yona, empa wa ikganela!


empa ha le rate ho tla ho nna hore le be le bophelo.


Hlokomelang, le se ke la hana ho mamela ya buang. Baiseraele ba ileng ba hana ho mamela, ha a ba lemosa a le lefatsheng, ha ba a ka ba phonyoha. Jwale ebe rona re ka phonyoha jwang, haeba re furalla ya re lemosang a le lehodimong?


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ