Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Isaia 30:13 - BIBELE

13 bokgopo bona bo tla ka lerako le phahameng, le seng le petsohile, le hlephile, le helehang ka ho panya ha ntshi.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

13 ka baka leo, sebe sena se tla sala ho lona jwaloka sekgeo se helehang, se entseng mpa lerakong le phahameng, mme se phakisetsa ho wa ha lona hanghang.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Isaia 30:13
19 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ba phonyohileng ba balehela motseng wa Afeke, empa lerako la motse la pitla ba dikete tse mashome a mabedi a metso e supileng ba bona. Bene-Hadade le yena a balehela motseng, a fihla a kena ka kamoreng e kahare.


Hlokomela, esere maruo a o hohela, o se ka dumela ha tjotjo e o kgelosa.


Ke yena feela lefika la ka, ke yena feela pholoho ya ka; ke qhobosheane ya ka, nke ke ka sisinyeha.


Lona bohle, le tla nne le pheelle ho rusolla motho ho fihlela neng, leha a se a le jwaloka lerako, rako le hlephileng, le motero o nyehlileng?


Motho ya nnileng a kgalengwa empa a satalatsa molala, hanghang o tla welwa ke kotsi, pheko e be siyo.


Koduwa e tla mo wela hodimo, e mo wele hodimo ka tsometso, a timetswe hanghang ho se na pheko.


Morena wa mabotho o ile a senola tsena, moo ke utlwang, a re: “Ruri bokgopo bona bo ke ke ba tshwarelwa ho fihlela le eshwa,” ho rialo Morena Modimo wa mabotho.


Bonang, Morena o tswa ka leahong la hae, ho ahlolela baahi ba lefatshe dibe tsa bona. Fatshe le tla hlahisa madi a tsholletsweng hodima lona, ba bolaetsweng ho lona le ke ke la hlola le sa ba pata.


Matshwele a dira tsa hao a tla fetoha lerole, mphi tse sehloho di fefolwe sa mmoko, hanghang hona ho tla etsahala ka ho panya ha ntshi!


Ngwedi e tla lekana le lesedi la letsatsi, lesedi la letsatsi lona le lekane le lesedi la matsatsi a supileng. Tsena di tla etsahala ka letsatsi leo ka lona Morena a tlamellang maqeba a setjhaba sa hae, a fodisang le matetetso a sona.


Kahoo o tla welwa ke koduwa hodimo, ha o na ho tseba le ho e upa; o tla welwa ke bomadimabe hodimo, o ke ke wa tseba ho bo qhelela thoko; timelo le yona e tla o wela hodimo, e o tsometse o sa ka wa tseba.


“Tse fetileng ke ne ke di bolele kgale, ka di phatlalatsa, ka etsa hore di tsejwe; ka di etsa ka ho panya ha ntshi, mme tsa eba teng.


Bara ba hao ba tla tsosa thako tsa hao tsa kgale, o hahe hodima metheo ya baholoholo ba hao. Wena o tla bitswa Motsosi wa marako a helehileng, o bitswe Molokisi wa ditsela le matlo.”


ka baka la dibe tsa lona le tsa baholoholo ba lona,” ho rialo Morena. “Ba ne ba tjhesetse mokubetso hodima dithaba, ba nnyefola ha ba le hodima maralla, ka baka leo, ke tla ba lekanyetsa moputso, ketso tsa bona tsa pele ke di putse ka ho tlala.”


Sekgohola sa fihla, diphororo tsa matha, meya ya puka, ya kgahlela ntlo eo, yaba e a wa, mme ho wa ha yona ya eba ho tshabehang.”


Empa ya utlwang, a sa phethe, o tshwana le motho ya hahileng ntlo hodima mobu, e se na motheo, eo noka e ileng ya e kgahlela, yaba e heleha hanghang, mme tshenyeho ya ntlo eo ya eba kgolo.”


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ