Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Isaia 3:23 - BIBELE

23 le diipone, le diaparo tsa lene, le dituku, le ditjale.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

23 le diipone, le masela a boleana a lene e ntle, le dituku tse qhakileng, le ditipe tsa kase.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Isaia 3:23
14 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Yaba o re ho mohlanka: “Ke mang monna elwa ya tsamayang mola, ya tlilo re kgahlanyetsa?” Mohlanka a araba, a re: “Ke monga ka.” Jwale Rebeka a nka lesira la hae, a ikgurumetsa.


Jwale Faro a ntsha lesale la hae la monwana, a le kenya monwaneng wa Josefa; a mo apesa diaparo tse entsweng ka lesela la lene, mme a mo rwesa sekgama sa kgauta molaleng.


Davida o ne a apere seaparo se setle, se entsweng ka lesela la lene, esita le Balevi bohle ba neng ba jere areka, le dibini, le Kenaniya, motsamaisi wa dibini. Davida o ne a bile a apere le setipe se entsweng ka motsitla.


Yaba o etsa sekotlolo sa ho itlhatswetsa, le sedulwana sa sona; a di etsa ka lethose; a di etsa ka diipone tsa basadi ba neng ba sebetsa monyakong wa Tente ya selekane.


Balebedi ha ba pota le motse ba mphumana, ba nteteka, ba ntlatsa matoma; balebedi bao ba hodima marako, ba ntlhotholotsa seaparo sa ka!


le diaparo tse majabajaba, le ditipe, le mekotlana;


Bakeng sa monko o monate ho tla nkga phu! Bakeng sa senyepa e be lerapo, bakeng sa moriri o lohilweng ba phumohe mafatla, bakeng sa aparo tse ntle e be tse mahwashe, bakeng sa fahleho tse borethe e be tse mabadi.


Nka lelwala, o sile phofo, lesira la hao lona o le role. Nyolla mese ya hao, ditlhafu di hlahe, ebe jwale o tseba ho tshela dinoka.


Ka o tentsha mose o homilweng, ka o rwesa meqathatso ya letlalo la qibi. Ka o rwesa moqhaka wa lene e ntle, ka o apesa seaparo sa sileka.


Yaba lengeloi le re: “Mo rweseng tuku e hlwekileng hloohong.” Ba mo rwesa tuku e hlwekileng, ba mo apesa diaparo tse ntlentle, lengeloi la Morena le ntse le eme moo.


“Ho ne ho ena le monna e mong wa morui, ya neng a apara diaparo tse perese, tse ntlehadi, a ithabisa ka ho etsa mekete ka tsatsi le leng le le leng.


Dimphi tsa lehodimo di ne di mo latetse, di palame dipere tse tshweu, di apere masela a matlematle, a masweu, a hlwekileng.


o neilwe mose wa lesela le letleletle, le benyang, le hlwekileng. Lesela lena le letleletle ke diketso tse lokileng tsa bahalaledi.”


Boase a re ho Ruthe: “Hlobola kobo ya hao, o e ale mona.” Ruthe a e ala, mme Boase a tshela harese e ka bang boima ba dikilo tse mashome a mabedi. A mo rwesa yona, mme Ruthe a ya motseng.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ