Ba nea Jakobo medimo esele kaofela ha yona, le masale a neng a le ditsebeng tsa bona; tsena tsohle Jakobo a di tjhekela tlasa sefate sa eike, pela Shekeme.
Ke tla mo otlela matsatsi a hae a pele, matsatsi a ho sebeletsa bo-Baale, ao ka wona a na ba tjhesetsa mokubetso, a ikgabisitse ka masale le mabenyane, a manakisana le medingwana ya hae, mme nna a se a bile a ntebetse,” ho rialo Morena.