Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Isaia 3:17 - BIBELE

17 Kahoo Morena o tla kgophosa hlooho tsa bona, hlooho tsa bona a di phumole mafatla.”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

17 ka baka leo, Morena o tla hlotha mangetse a dihlooho tsa baradi ba Sione, a di etse mafatla, Jehova a apole dihlong tsa bona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Isaia 3:17
15 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Tswang ka matlung, lona baradi ba Sione, tswang le bone kgosi Solomone o rwetse moqhaka, moqhaka a o rwesitswe ke mmae mohla lenyalo, mohla thabo e kgaphatsehang pelong ya Solomone.


ka mokgwa o jwalo kgosi ya Asiria e tla thopa batho ba Egepeta le ba Kushe, bana le maqheku, e ba thope ba hlobotse, ba sa rwala letho maotong, dibono di le kantle, e le ho hlabisa Baegepeta dihlong.


Morena o re: “Basadi ba Sione ba a ikgohomosa, ba tsamaya melala ba e thamotse, ka mahlo a bona ba ntse ba bonya, ba rwanyaketsa, ba hatela haufi, maqaqailana a bona a lla masekana.


Mohla tsatsi leo, Morena o tla ba amoha mekgabiso: mefitshane le meqhaka le difaha tsa molala;


Ha o ka ipotsa ka pelong ya hao, wa re: “Ke ka baka lang ha tsee di ntlhahetse?” Ka baka la dibe tsa hao tse ngatangata, mese ya hao e ila apolelwa hodimo, mmele wa hao wa sala o le feela.


kapa monna ya lekgutla, kapa wa kakatjhelana, kapa ya qhommeng leihlo, kapa ya nang le setlapedi, kapa ya lekgwekgwe, kapa ya pshatlehileng makwalata; bana bohle ba se ke ba atamela.


Lona baahi ba Shafire fetang ka tsela, le fete le le feela, le le dihlong. Baahi ba Saanane ba hana ho tswa motseng. Ha le utlwa ba Bete-Esele ba lla, le tle le tsebe hore ha le sa sireleditswe.


“Wena Ninife, ke a o lwantsha,” ho rialo Morena wa mabotho. “Ke tla o hlobodisa, ke o tsodise. Ke tla pepesetsa ditjhaba bofeela ba hao, mebuso e bone tse dihlong tsa hao.


“Morena o tla o otla ka mathopa jwaloka Baegepeta, le ka dihlahala, le ka lekgwekgwe, le ka lekgopho, mme tsena di ke ke tsa phekolwa.


La pele la tloha, la qhalla lefiswana la lona lefatsheng, mme diso tse mpempe tsa bereha batho ba nang le letshwao la sebatana, ba kgumamelang setshwantsho sa sona.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ