Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Isaia 29:5 - BIBELE

5 Matshwele a dira tsa hao a tla fetoha lerole, mphi tse sehloho di fefolwe sa mmoko, hanghang hona ho tla etsahala ka ho panya ha ntshi!

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

5 Bongata ba dira tsa hao bo tla fetoha lerole le lesesane, bongata ba bahale bo be jwaloka mooko o fefolwang; taba eo e tla phakisa e hlahe hanghang.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Isaia 29:5
24 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ke hakae ba kang dirite ha moya o pepetla, ba kang mmoko ha sefefo se o fefera?


Ba kgopo bona ha ba jwalo; empa ba jwaloka mmoko o fefolwang ke moya.


Ba ke ba tshwane le mmoko, mmoko o fefolwang ke moya, ha lengeloi la Morena le ba kgarametsa.


Lefatshe ke tla le otla, ke le otlele bokgopo ba lona, ba kgopo le bona ke ba otle, ke ba otlele dibe tsa bona, boikakaso ba ba itjang ke bo fedise, boikgohomoso ba bompodi ke bo kokobetse.


Kahoo ditjhaba tse matla di tla o tlotlisa, metse ya tjhaba tse sehloho e o tshabe,


hobane o bile setshabelo ho mafutsana, wa ba setshabelo ho bahloki tsietsing tsa bona, wa ba mosireletsi nakong ya difefo, wa ba moriti hara lebatama la letsatsi. Moya wa ya sehloho o ka sefefo se thula lebota,


o ka lebatama la letsatsi lehwatateng. Rata la baditjhaba o tla le fedisa; jwalokaha leswiti le kokobetsa motjheso, le pina ya ya sehloho e tla fediswa jwalo.


Ba sehloho ba tla timela, le basomi ba fele, ba tjhatjhehelang bobe le bona ba timetswe:


bokgopo bona bo tla ka lerako le phahameng, le seng le petsohile, le hlephile, le helehang ka ho panya ha ntshi.


Baegepeta ke batho ba nama, hase modimo, pere tsa bona ke tsa nama, hase tsa moya. Ha Morena a otlolla tsoho la hae, ya thusetsang o a kgothometseha, ya thusetswang ebe yena o a wa, bobedi ba bona ebe ba a timela.


“Baasiria ba tla bolawa, ba bolawe ka sabole e se ya motho, ba timetswe ka sabole e se ya motho. Baasiria ba tla baleha sabole, bahlankana ba bona ba sebediswe ka thata.


Lengeloi la Morena la tswa, la ya diahelong tsa Baasiria, la bolaya Baasiria ba dikete tse lekgolo le mashome a robedi a metso e mehlano. Ha bosiu bo wela fatshe, kaofela ha bona ya be e se e le ditopo.


Ruri tjhaba di ka lerothodi rothodi la metsi ka nkgong, di ka lerolenyana ha le le sekaleng; ho yena boima ba dihlekehleke bo ka lerolenyana.


“Batho bohle ba o halefelang ba tla tlontloloha, ba aparelwe ke dihlong; batho bohle ba lwantshanang le wena ba tla fetoha lefeela, ba be ba timele.


“Bona, ke tla o etsa selei se phophothang, se setjha, se nang le meno e ntjhotjho. O tla thua dithaba, o di phophothe, maralla wona o a sile, a ke mmoko;


tsena o tla di olosa, moya o di fefole, sefefo se matla se di hasanye. Thabo ya hao e tla ba ho Morena, tlotla ya hao e be Ya Halalelang wa Iseraele.


Kahoo o tla welwa ke koduwa hodimo, ha o na ho tseba le ho e upa; o tla welwa ke bomadimabe hodimo, o ke ke wa tseba ho bo qhelela thoko; timelo le yona e tla o wela hodimo, e o tsometse o sa ka wa tseba.


“Tse fetileng ke ne ke di bolele kgale, ka di phatlalatsa, ka etsa hore di tsejwe; ka di etsa ka ho panya ha ntshi, mme tsa eba teng.


O dihela koduwa hodima dinatla, motse o haheleditsweng a o fetole lesupi.


Mohla batho ba reng: “Ke kgotso, ha ho kotsi,” ke mohla timelo e tla ba tsometsa jwalokaha bohloko ba pelehi bo tsometsa moimana, mme ba ke ke ba phonyoha.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ