Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Isaia 29:2 - BIBELE

2 Ke tla o dihela koduwa hodimo, o be bofifing, o lle sa mmokotsane, o ke aletare e tukang mollo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

2 Ke ntoo tla tsietsa Ariele; motse o tla tlala dillo le mefehelo, mme ho nna e tla ba ntho e kang Ariele (aletare kapa tau ya Modimo).

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Isaia 29:2
19 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Mekete ya lona ya ho thwasa ha kgwedi, le mekete ya lona e kgethehileng, moya wa ka o e hloile, ho nna e fetohile mejaro, ke kgathetse ke ho e sikara.


Ka tsatsi lena ba tla emisa Nobe, ba supe moradi wa Sione ka setebele, mane leralleng la Jerusalema.


Mantsiboya di bakela bohle matswalo, le eso tjhabe tsona di se di nyametse! Ena ke yona kabelo ya ba hapang tsa rona, ke yona kabelo ya ba senyang tsa rona.


Menyako ya Sione e tla lla, e bokolle, Sione e rapalle fatshe, e fetohe lesupi.


Sabole ya Morena e kganathetse madi, mafura e a jele sa mpana-phatloha; e kganathetse madi a dikonyana le a dipodi, e kganathetse mafura a diphiyo tsa dipheleu. Morena o tla etsa sehlabelo, a se etse a le Bosera, Baedomo a ba bolaye, a ba etse mofela.


Jwale bo-Eleakime, mora wa Hilekiya, eo e neng e le mookamedi wa lelapa la kgosi, le Shebena, eo e neng e le mongodi wa lekgotla, le Jowa, mora wa Asafo, eo e neng e le mongodi wa diketsahalo, ba fihla ho Hesekiya, ba hahotse diaparo tsa bona, mme ba mo phetela dipolelo tsa molaodi wa ntwa.


Ba fihla ba re ho Esaya: “Hesekiya o bua tjena: ‘Letsatsi lena ke la tsietsi, le la ho kgalemelwa, le la ho nyefolwa. Ke nako ya ho beleha bana, empa matla a ho beleha ha a yo.


Morena o ka sera sa rona, Iseraele o e ripitlile, a ripitla matlo wohle a dikgosi tsa yona. Qhobosheane tsa yona a di heletsa, a atisa bofifi le dillo tsa Moradi wa Juda.


Ka baka leo, ke ile ka hlatsetsa kgalefo ya ka hodima bona, ka ba timetsa ka kgalefo ya ka e tukang malakabe, ka ba nea kotlo e lokelang diketso tsa bona, ho rialo Morena.”


“Wena ngwana motho, Morena Modimo o bua tjena: Bitsa dinonyana ka mefuta ya tsona, le dibatana tsohle tsa naha, o re: ‘Phuthehang kaofela, le etswa hohle, le tle kwano sehlabelong sa ka, seo ke le etsetsang sona, sehlabelo se seholo se hodima dithaba tsa Iseraele, e le hore le tle le je nama le nwe le madi.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ