Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Isaia 29:11 - BIBELE

11 Ho wena pono ena e tshwana le buka e kwetsweng, ya bitielwa. Ha o ka e nea motho ya tsebang ho bala, wa re ho yena: “E bale!” eo o tla araba, a re: “Ke sitwa ho e bala, hobane e kwetswe, e bitietswe.”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

11 Tshenolo yohle ho lona e se e le jwaloka ditaba tsa buka e manehilweng, e newang motho ya tsebang ho bala, mme ho thwe: E bale hle! A mpe a fetole, a re: Ke a sitwa, hobane e manehilwe.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Isaia 29:11
11 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Batho bana le bona ba thekesediswa ke veine, jwala bo bohale bo etsa hore ba kgothometsehe; baprista le baporofeta ba thekesediswa ke jwala, kelello di tsherehantswe ke ho itlopa veine, jwala bo bohale bo etsa hore ba kgothometsehe; ba bona dipono ba ntse ba thekesela, dinyewe ba di ahlola ba ntse ba ratseela ke jwala.


Leha o ka e nea motho ya sa tsebeng ho bala, wa re ho yena: “E bale!” eo o tla re: “Ha ke tsebe ho bala!”


Ka tsatsi leo, bo-tutu ba tla utlwa polelo tsa buka, leha difofu di le lefifing, di le botshong, mahlo a tsona a tla bona.


Molaetsa ona wa ka le o boloke, thuto ya ka e manehwe dipelong, pelong tsa barutuwa ba ka.


Empa wena Daniele, mantswe a Buka ena o a etse pinyane, o e bitiele ho fihlela mehla ya bofelo. Ba bangata ba tla e phenyaphenya, kahoo tsebo ya bona e eketsehe.”


Yena a nkaraba, a re: “Ikele, Daniele, hobane mantswe ana ke pinyane, a bitietswe ho fihlela mehla ya bofelo e fihla.


Ka nako eo, Jesu a tswela pele, a re: “Ke a o boka, Ntate, Morena wa lehodimo le wa lefatshe, hobane ditaba tsena o di patetse ba bohlale le ba sedi, mme o di senoletse ba jwaloka bana.


A ba araba, a re: “Lona le neilwe ho tseba diphiri tsa Mmuso wa mahodimo, athe bona ha ba a ho newa.


Jesu a mo araba, a re: “O lehlohonolo, Simone mora Jona, kahobane hase motho wa nama le madi ya o senoletseng hona, empa ke Ntate ya mahodimong.


Jwale ka bona ha Konyana e kgomarolla sebitielo sa pele sa dibitielo tse supileng, mme ka utlwa se seng sa dibopuwa tse phelang, se bua ka lentswe le kang modumo wa letolo, se re: “Tloo!”


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ