Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Isaia 29:10 - BIBELE

10 Morena o le tliseditse sephume sa boroko, o le tutubaditse, lona baporofeta, o le kgurumeditse dihlooho, lona dinohe.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

10 Hobane Jehova o le tshetse ka moya wa boroko, o kwetse mahlo a lona, ke ho re baporofeta, o apesitse dihlooho tsa lona ka lefifi, ke ho re diboni tsa lona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Isaia 29:10
21 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Eka dijo tsa bona di ka ba fetohela leraba, mekete ya bona ya mahlabelo ya ba fetohela letlowa.


Kahoo tjhaba sena ke tla boela ke se makatsa, ke se etsetsa dimakatso tse ngata. Bohlale ba bahlalefi ba sona bo tla fela, kelello ya ba nang le kelello e nyamele.”


Ho dinohe ba re: “Le se hlole le bona dipono!” Ho baprorofeta, ba re: “Se re porofeteleng tse lokileng! Re bolelleng tse re thabisang, le re porofetele tsa bohata.


Ntataomoholo o ne a etse sebe, babuelli ba hao ba mphetohela,


Medingwana ha e na tsebo, ha e na kutlwisiso, mahlo a yona a netilwe, ha e bone letho, kelello di kwalehile, ha e utlwisise letho.


“Mohla tsatsi leo,” ho rialo Morena, “pelo ya kgosi le tsa mahosana di tla nyahama, baprista ba tla tshoha, baporofeta ba tsielehe.”


Ba nnile ba lelera sa banna ba difofu, ba lelera hara diterata tsa motse; ba itshilafaditse ka madi haholo, hoo ho seng ya ka amang diaparo tsa bona.


“ ‘Haeba moporofeta a ka thetswa hore a porofete, ke hobane ke nna Morena ya thetsitseng moporofeta eo, mme ke tla otlollela letsoho la ka hodima hae, ke mo timetse setjhabeng sa ka sa Iseraele.


Baporofeta ba bohata ba re ho nna: “Se ke wa re porofetela, se ke wa porofeta dintho tsena; Modimo ha a ka ke a re hlabisa dihlong.”


Yaba ke re: “Lona baetapele ba Jakobo, mamelang! Lona babusi ba ntlo ya Iseraele, mamelang! Na toka ha le a tshwanela ho e tseba?


Ho baporofeta bana Morena o re: “Ka baka leo, bosiu bo tla le aparela, bo le aparele, le se ke la bona dipono, le aparelwe ke lefifi, le bonohe bo fele, tsatsi le dikele, baporofeta ba phirimelwe, ho bona motsheare e ke fifi le letsholetsho.


jwalokaha ho ngotswe, ho thwe: “Modimo o ba neile moya o se nang kutlwisiso, mahlo a sa boneng, le ditsebe tse sa utlweng, ho fihlela kajeno-ya-bokajeno.”


e leng ba sa dumelang, bao modimo wa lefatshe lena o foufaditseng dikelello tsa bona hore ba se ke ba bona lesedi la molaetsa o molemo wa tlotla ya Kreste, eo e leng setshwantsho sa Modimo.


Ka mokgwa o jwalo Davida a nka lerumo le lekuka la metsi le pela hlooho ya Saule, yaba ba a tsamaya. Ha se ke ha eba le motho le ya mong ya ileng a bona, kapa a tseba se etsahetseng, kapa ya kileng a phaphama. Bohle ba ne ba kgalehile, hobane Morena o ne a ba isitse le sephume sa boroko.


Mehleng ya pele, naheng ya Iseraele, ha motho a ne a ilo botsa Modimo o ne a ye a re: “Tloo, re ye ho senohe,” hobane ya bitswang moporofeta kajeno, mehleng eo o ne a bitswa senohe.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ