Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Isaia 28:6 - BIBELE

6 E tla ba moya wa toka ho ba okametseng kahlolo, le wa bonatla ho ba phumelang sera kgorong ya motse.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

6 e be yena moya wa kahlolo ho ya dutseng ho ahlola, le matla a ba lelekisang dira ho isa dikgorong tsa motse wa tsona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Isaia 28:6
22 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ha Baiseraele bohle ba utlwa kahlolo e entsweng ke kgosi, ba hlompha kgosi, ba e tshaba, hobane ba ile ba hlokomela hore Solomone o na le bohlale ba Modimo, ba ho ahlola ka toka.


A bea balaodi ba ntwa ho okamela setjhaba sohle. A ba kgobokanyetsa ho yena, lebaleng le pela kgoro ya motse, a ba kgothatsa, a re:


Yena o tshepile matla a hae, athe rona, Modimo o na le rona; o tla re thusa, a re lwanele.” Mantswe a Hesekiya, kgosi ya Juda, a tsosa setjhaba molota.


Sefela sa bara ba Kora. Taelo ho motsamaisi wa dibini: Se binwe ka lentswe le lesesanyane.


“Kgaotsang, le tsebe hore nna ke Modimo, ke tla okamela ditjhaba, ke okamele lefatshe.”


Kgosi ha e dutse tulong sa yona sa kahlolo, ka mahlo a yona e tsheka bobe bohle.


hobane o bile setshabelo ho mafutsana, wa ba setshabelo ho bahloki tsietsing tsa bona, wa ba mosireletsi nakong ya difefo, wa ba moriti hara lebatama la letsatsi. Moya wa ya sehloho o ka sefefo se thula lebota,


Morena o phahame, hobane o ahile hodimo, o entse hore toka le ho loka di be teng Sione.


Morena o tla hlwekisa baahi ba Sione. Ka matla a moya wa hae o kang mollo, Morena o tla ahlola setjhaba, mme a se hlwekise, a hlakole molato wa Jerusalema le madi a tsholotsweng teng.


Jwale baholo ba Juda ba tla bua ka pelo, ba re: ‘Baahi ba Jerusalema ba matlafatswa ke Morena wa mabotho, Modimo wa bona.’


Eo Modimo a mo romileng o bolela dipolelo tsa Modimo, hobane Modimo o fana ka Moya ho se tekanyetso.


“Nke ke ka etsa letho ka bonna; ke ahlola kamoo ke utlwang kateng, mme kahlolo ya ka e lokile, hobane ha ke batle ho etsa thato ya ka, empa thato ya ya nthomileng.


Moya o nea e mong ho bua ka bohlale, athe wona Moya oo o nea e mong ho bua ka tsebo.


Morena Modimo wa lona, ke yena ya tsamayang le lona ho ya le lwanela, le ho le hlolela dira tsa lona, le ho le pholosa.’


Ke se ke o laetse: Tsoha molota, o be sebete! O se ke wa tshaba, kapa wa nyahama pelo, hobane Morena Modimo wa hao, o na le wena hohle moo o yang teng.”


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ