Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Isaia 28:29 - BIBELE

29 Tsena tsohle di tswa ho Morena wa mabotho, keletso tsa hae ke tse makatsang, bohlale ba hae ke bo tebileng.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

29 Le yona taba eo e tswa ho Jehova wa makgotla, ya nang le kutlwisiso e makatsang le kelello e kgolo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Isaia 28:29
15 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ya Matla wohle re ke ke ra mo fihlela, o re phahametse ka matla le ka dikahlolo, a ke ke be a sokamisa toka ya hae.


yena o etsa dikgolo, mafeta-kutliwisiso-ya-motho, o etsa dimakatso, ntlhokapalo ke boiyane.


ke Morena ya entseng hona, mme mahlong a rona ke mohlolo.


Ho lehlohonolo motho ya tshepang, ya beileng tshepo ya hae ho Morena, ya sa kgemeng le baikakasi, le ba kgeloswang ke mashano.


Wena Morena, o nthabisitse ka diketso tsa hao; mesebetsi ya diatla tsa hao ke e etsetsa ditlatse.


Morena, mesebetsi ya hao e meholo hakaakang! Mehopolo ya hao e tebile hakaakang!


Boeletsi le ho ba sedi le tsona ke tsa ka, kutlwisiso le matla le tsona ke tsa ka.


Na koro e hailwa hore e thumisehe? Tjhe, ha e ke e hailwa kamehla; leha e hatiswa ka mabidi a kariki, dipere ha di ke be di e thumise.


Empa Morena o bohlale, o tla tlisa koduwa, a ke ke a fetohela seo a ileng a se bolela; malapa a ba kgopo o tla a tsohela matla, le bathusi ba ba etsang bokgopo a ba tsohele matla.


Batho ba tla bona tsena ba be ba tsebe, ba hlokomele, ba be ba utlwisise: Morena o entse tsena ka letsoho la hae, Ya Halalelang wa Iseraele o di hlodile.”


Rona re tswaletswe Ngwana, rona re filwe Mora, puso e tla ba mahetleng a hae, o tla bitswa Radimakatso le Moeletsi, Modimo ya matla, Rabosafeleng, Kgosana ya Kgotso.


Merero ya hao e meholo, diketso tsa hao di matla. Mahlo a hao a bona diketso tsohle tsa batho, mme o putsa e mong le e mong ho ya ka diketso tsa hae, le ho ya ka ditholwana tsa mesebetsi ya hae.


Borui, le bohlale, le tsebo ya Modimo di kaakang! Dikahlolo tsa hae di ka hlaloswa jwang! Ditsela tsa hae di ka utlwisiswa jwang!


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ