Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Isaia 28:28 - BIBELE

28 Na koro e hailwa hore e thumisehe? Tjhe, ha e ke e hailwa kamehla; leha e hatiswa ka mabidi a kariki, dipere ha di ke be di e thumise.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

28 Koro e ye e polwe, empa motho a ke ke a nna a e pola kamehla; leha a e hata ka maoto a koloi ya hae, mme pere tsa hae di e hata, ha e a tule.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Isaia 28:28
12 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Oho, tjhaba sa ka se ripitlilweng seotlong, jwaloka koro, ke le bolella seo ke se utlwileng, ke se utlwa ho Morena wa mabotho, Modimo wa Iseraele.


Ha ho polwa kolojannere ha ho sebediswe selei, mabidi a kariki ha a pole sepaile; molamu o sebediswa ha ho polwa kolojannere, sepaile sona se polwe ka lere.


Tsena tsohle di tswa ho Morena wa mabotho, keletso tsa hae ke tse makatsang, bohlale ba hae ke bo tebileng.


Oho, Morena, ako nkgalemele ka toka, o se ke wa nkgalemela o halefile, esere wa mphetola lefeelafeelane.


“Nna ke tla fela ke etse taelo, ntlo ya Iseraele ke e hlokole, ke e hlokole hara ditjhaba tsohle, ke e hlokole sa koro e hlokolwa ka sefe, empa ho se thollo le e nngwe e welang fatshe.


Mahosana a tlisa nyehelo kapele ho Morena, e le makoloi a tsheletseng a nang le ditente, le dipholo tse leshome le metso e mmedi; koloi kanngwe e le ya mahosana a mabedi, pholo e le nngwe e le ya kgosana e le nngwe. A di tlisa kapele ho Tente ya Morena.


Seoloso se letsohong la hae, mme o tla fiedisisa seotlo sa hae, a bokelle koro ya hae sesiung, mmoko wona a o tjhese mollong o sa timeng.”


Kannetenete, ke a le bolella, ha tlhaku ya koro e welang mobung, e sa shwe, e sala e le inotshi, empa ha e eshwa, e beha ditholwana tse ngata.


Rona re sebetsa mmoho le Modimo; lona le tshimo ya Modimo, le mohaho wa Modimo.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ