Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Isaia 28:15 - BIBELE

15 Lona le itse: “Re entse selekane le lefu, ra etsa tumellano le Nqalo ya Bafu. Ha koduwa e tshabehang e wela lefatshe, rona e tla re feta mohwalotso, hoba leshano ke tshabelo sa rona, bohata ke bona tshireletso ya rona.”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

15 Le itse: Re entse selekane le lefu, re na le kopano le nqalo ya bafu; leha kotlo e tlang jwaloka morwallo e ka tla kwano, e ke ke ya re etsa letho, hobane re entse leshano setshabelo sa rona, mme thetso ke tshirelo ya rona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Isaia 28:15
37 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Tloong jwale, re mmolayeng, re mo akgeleng ka ho le leng la madumela. Re tla re sebatana se mo jele, mme re tla bona hore na ditoro tsa hae di tla fella kae.”


Majwe a ke ke a o sitisa ho lema masimo, batana tsa naha di tla phela ka kgotso le wena.


Motho ha a na matla a ho busa moya wa hae, kapa a ho laola tsatsi la lefu la hae; ha ntwa e kopane ha ho bewe dihlomo fatshe, bokgopo bo ke ke ba lokolla ba bo etsang!


Selekane sa lona le lefu se tla fediswa, tumellano ya lona le Nqalo ya Bafu e fediswe. Mohla koduwa e tshabehang e welang lefatshe, e tla le wela hodimo, e le hatakele.


Bonang, Morena o na le ya matla, ya sefutho, ya kang fefo sa lehodiotswana se senyang, ya kang pula ya ditlwebelele ya morallo: Ke yena ya tla o akgela fatshe ka sefutho.


Ho madimabe ba patelang Morena merero ya bona, ba e etsetsang lefifing, ba re: “Ke mang ya re bonang? Ke mang ya re tsebang?”


Batjha ba hatella tjhaba sa ka, basadi ke bona babusi ba sona; tjhaba sa ka, badisa ba lona ba a le kgelosa, ba le faposa tseleng ya lona.


Ho dinohe ba re: “Le se hlole le bona dipono!” Ho baprorofeta, ba re: “Se re porofeteleng tse lokileng! Re bolelleng tse re thabisang, le re porofetele tsa bohata.


Kahoo Ya Halalelang wa Iseraele o re: “Kahobane le hanyetsa keletso ena, le tshepa kgatello le bokgopo, le beile tshepo ya lona ho tsona,


Ho phefumoloha ha hae ho ka nokana e eja ditlhokwa, metsi a nyoloha ho ya fihla molaleng, ho hlokola ditjhaba mafeela a tsona ho di kenya kgwathatha e tla di kgelosa tsela.


Tjhaba sena ke sa mahlabaphiyo, bana ba sona ke bo-raleshano, molao wa Morena ha ba o mamele.


Kgopolo e jwalo e ka ho itjella molora, pelo e thetsehileng e ya mo kgelosa, a ke ke a ipholosa, kapa a re: “Ho ka tsohong la ka le letona na hase thetso?”


Matsoho a lona a kganathetse madi, menwana ya lona e silafaditswe ke bokgopo. Le buile leshano ka melomo ya lona, maleme a lona a buile tse kgopo.


Ha ho le ya mong ya batlang toka, ha ho le ya mong ya buang nnete dinyeweng; ba tshepa dikgang tsa mafeela, ba bua leshano; mehopolo ya bona e mebe, mme e tswala bokgopo.


Baholo le bahlomphehi ke yona hlooho, moporofeta wa bohata ke wona mohatla.


Lena ke lona lefa la hao, ke seabo seo ke se abetseng wena, hobane wena o ila ntebala, wa itshepela medimo ya bohata,” ho rialo Morena.


Yaba ke re: “Ao! Morena Modimo, ako bone! Ke baporofeta ba ntseng ba re ho sona: ‘Le ke ke la bona sabole kapa la bolawa ke sekoboto. Ruri ke tla le nea kgotso ya kamehla yohle sebakeng sena.’ ”


Wena Morena, matla a ka le qhobosheane ya ka, wena tshabelo sa ka nakong ya ditsietsi; baditjhaba ba tla itlisa ho wena, ba itlise ba etswa pheletsong tsa lefatshe, ba re: “Bo-ntata rona ba jele lefa la mashano le la mafeela, la medingwana ya mafeela e se nang molemo.


Ruri re tla etsa dintho tsohle tseo re hlapantseng hore re tla di etsa, e leng ho tjhesetsa Mofumahadi wa Lehodimo mokubetso, ho mo etsetsa nyehelo ya dino, jwalokaha rona le bo-ntata rona, le dikgosi tsa rona, le mahosana a rona, re ile ra etsa metseng ya Juda le diterateng tsa Jerusalema. Ka nako eno kgora e ne e le ngata, re iketla, re sa tshwenngwe ke letho.


Ba ile ba latola Morena, ba re: “Ha a ka ke a re etsa letho; bobe bo ke ke ba re wela hodimo, ntwa le tlala ha re sa tla di bona!


Baporofeta ba porofeta leshano, baprista ba kgema le baporofeta, tjhaba sa ka se rata ha taba di eme jwalo. Le tla etsang ha tsee di fihla qetellong?”


e leng baporofeta ba Iseraele ba ileng ba porofetela Jerusalema, ba boneng dipono tse reng e tla ba le kgotso, empa kgotso e le siyo, ho rialo Morena.’ ”


Ka baka la mashano a lona le swabisitse ba lokileng, bao nna ke sa ba swabisang; la kgothaletsa ya kgopo, hore a se ke a kgeloha tsela ya hae e kgopo, e le hore a tle a se ke a phela.


Baporofeta ba bona ba ntlafatsa diketso tsena ka ho ba bolella dipono tsa leshano le bonohe ba bohata, ba re: ‘Morena Modimo o bua tjena,’ empa Morena a sa ka a bua jwalo.


Morena a re ho nna: “Wena ngwana motho, na o bone seo e mong le e mong wa baholo ba ntlo ya Iseraele a se etsang mafifing, ka kamoreng ya modingwana wa hae? “Ba re: ‘Morena ha a re bone! Morena o furaletse lefatshe!’ ”


Bohle ba mo emang kapele o tla ba hohola jwalokaha sekgohola se hohola, a ba timetse, a timetse le yona kgosana ya selekane.


Kgosana e tla etsa selekane, e se etse le ba bangata, selekane seo e be sa dilemo di supile; bohareng ba nako ena ya selekane, e tla fedisa mahlabelo, e fedise le dinyehelo. Kgosana ena e bakileng nanaola e tla bea Manyala hodima tlhoro ya Tempele, ho fihlela pheletso e rerilweng ke Modimo e fihla, e wela hodima ya beileng Manyala, a a bea hodima tlhoro.”


Mohla tsatsi leo ke tla ba etsetsa selekane, ke ba etsetse sona le batana tsa naha, ke ba etsetse sona le nonyana tse fofang, le tsona dihahabi tse holobang mobung. Ke tla fedisa seqha le sabole ya ntwa, ke di fedise hona naheng eo, bohle ba tle ba phele, ba iphelele ka kgotso.


Morena o bua tjena: “Baahi ba Juda ba ntshitetswe ka makgetlo a se na palo, kahoo ha nka ke ka ba tshwarela. Ba furaletse Molao wa Morena, ha ba a boloka ditaelo tsa hae; ba kgelositswe ke medingwana bona, eo bo-ntata bona ba neng ba e sebeletsa.


Lona ba thabelang Lo-Dabare, lona le re: “Na ha re a ikgapela Karanaime, ra ikgapela yona ka matla a rona?”


“Ba kgumamelang medingwana ya bohata, ba furalla sediba sa bona sa mohau.


Ka nako eo Jerusalema ke tla e lekola, ke e lekole ke e kgantshitse ka mabone; ke otle bohle ba dutseng ba iketlile, ba kang maritsa a veine a qitile, ba duletseng ho bua ka pelo, ba re: ‘Morena a ke ke be a etsa letho, a ke ke be a etsa botle leha e le bobe.’


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ