Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Isaia 26:19 - BIBELE

19 Bafu ba lona ba tla boela ba phele, ditopo tsa bona di tla boela di tsoha. Lona ba phelang leroleng, tsohang le bine; kahobane phoka ya hao e tshwana le phoka ya hoseng, fatshe le tla boela le tsosa bafu ba lona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

19 Bafu ba hao a ba ke ba boele ba utlwe; ditopo tsa ka a di ke di tsoswe! Tsohang, lona ba robetseng leroleng, le thabe, hobane phoka ya hao ke phoka e medisang, mme lefatshe le tla ntsha bafu ba ho lona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Isaia 26:19
37 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Leha motso wa sona o ka tsofalla mobung, kutu ya sona ya bolla leroleng,


metso ya ka e name ho ya fihla metsing, phoka e lale makaleng a ka, e lale bosiu bohle,


Setjhaba sa hao se tla ithaopa, mohla o futuhelang dira tsa hao. Jwaloka phoka e lalang kameso, bahlankana ba tla tla ho wena maralleng a halalelang.


Ke jwaloka metsi a tsholohang, masapo a ka a tswenehile; pelo ya ka e jwaloka tshotso, e qhibidiha ka sefubeng sa ka;


hobane puso ke ya Morena, mme o rena hodima ditjhaba.


Le hoja o nkutlwisitse matshwenyeho, matshwenyeho a mangata, a bohloko, o tla boela o mmatlafatse, o boele o nnyolle botebong ba lefatshe;


Na bafu o ka ba etsetsa dimakatso? Na ba shweleng ba ka tsoha, ba o rorisa?


Morena o itse ho nna: “Ke tla tadima ke le leahong la ka, ke kgutsitse, sa ha tsatsi le tjhesa haholo, sa phoka e lalang ha ho kotulwa.”


Morena Modimo o tla fedisa lefu, le felle ruri, a hlakole meokgo fahlehong tsa batho bohle, a tlose dihlong tjhabeng sa hae fatsheng lohle, hobane Morena o buile jwalo.


Tsoha! Tsoha! Ema wena Jerusalema, wena ya nweleng senwelo sa kgalefo, sa kgalefo ya Morena se le atleng sa hae, wena ya minyeletsang maritsa, maritsa a jwala bo tsekedisang batho.


Ba bangata ba seng ba shwele ba tla boela ba tsoha: Ba bang ba tsohele bophelo ba kamehla yohle, ba bang ba tsohele hore ba hlajwe ke dihlong, ba nyedisehe kamehla yohle.


“Na nka ba phemisa, ka ba phemisa Nqalo ya Bafu? Na nka ba lopolla tleneng tse lefu? wena lefu, lokisa mahloko a hao! Wena lebitla, tjhorisa motsu wa hao! Ha ke na ho ba le kutlwelobohloko!


Ho Iseraele ke tla ba jwaloka phoka, Iseraele o tla thunya sa mohaladitwe, a mele metso sa kedare ya Lebanone.


Kamora matsatsi a mabedi o tla re phedisa, ka tsatsi la boraro ebe o a re emisa, re tle re phele mmoho le yena.


“Tjhai e tla ba kgolo, morara o behe haholo, mobu o atlehise dijalo, mahodimo a nese pula e ngata. Ke tla sitsa masalla a setjhaba sena ka dintho tsena tsohle.


mabitla a buleha, ditopo tsa bahalaledi ba bangata ba ithobaletseng tsa tsoha;


A ya ho Pilato, mme a kopa setopo sa Jesu. Yaba Pilato o laela hore a se newe.


Hape ke na le tshepo eo le bona ba nang le yona ho Modimo, ya hore ba lokileng le ba kgopo ba tla tsoha bafung.


Empa Kreste o fela a tsohile bafung, mme ke yena letsibolo la ba shweleng.


Tsohle tse bonahatswang ke lesedi di fetoha lesedi. Ke ka baka leo ho thweng: “Tsoha, wena morabadi, tsoha bafung, mme Kreste o tla o bonesetsa.”


Thuto tsa ka di tla rotha jwaloka pula, polelo tsa ka di monyele jwaloka phoka, jwaloka lefafatsane hodima jwang bo botalana, le jwaloka modupe hodima dijalo.


“Ho Josefa a re: “ ‘Morena a hlohonolofatse naha ya hae, ka phoka ya bohlokwa ya lehodimo, le ka metsi a kgukguthang katlasa lefatshe;


Jwale Iseraele o phela ka kgotso, sediba sa Jakobo se inotshi feela, naheng ya koro le ya veine e ntjha; e, mahodimo a nesa pula.


Ke batla ho tseba Kreste feela, le matla a tsoho ya hae, ke be le kabelo mahlokong a hae, ka ho tshwana le yena lefung la hae,


O tla fetola mmele ya rona e nyedisehang, hore e tshwane le mmele wa hae o tlotlehang, ka matla ao a nang le wona a ho bea tsohle tlasa hae.


“Morena o a bolaya, o bile o a phedisa; o theolela Nqalong ya bafu, a ba nyolle teng hape.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ