Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Isaia 25:6 - BIBELE

6 Thabeng ena Morena wa mabotho o tla etsa mokete, a etsetse tjhaba tsohle mokete wa dimonate, a o etse ka veine e ritelehile, dijo di le monate, veine e ritelehile.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

6 Thabeng ena, Jehova wa makgotla o tla etsetsa ditjhaba kaofela mokete wa dijo tse hlabosang, mokete wa diveine tse monate tse nkilweng hodima ditshifa, mokete wa dijo tse hlabosang, tsa moko, wa diveine tse nkilweng hodima ditshifa, tse hlwekileng.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Isaia 25:6
30 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Modimo, mohau wa hao ke wa bohlokwa hakaakang! Bana ba batho ba tshabela moriting, moriting wa mapheo a hao.


Ke tla o boka ha ke ntse ke phela, ke phahamise matsoho a ka, ke a phahamisetse ho wena.


empa a kgetha leloko la Juda, thaba ya Sione eo a e ratang.


Ako nkake ka molomo wa hao, hoba rato la hao le monate ho feta veine.


Nkuke ke ye le wena, re mathe mmoho, kgosi e nkise kamoreng ya yona. Re tla didietsa, re o nyakallele, re rorise rato la hao ho feta veine. Ba nepile hakaakang ha ba o duma hakaale!


Ke tlile rapeng sa ka, wena kgaitsedi, monyaduwa wa ka, ke ikgeletse mmira, mmoho le dinoko tsa ka; ke jele mahe a dinotshi, mmoho le kgekge ya wona, ke nwele veine ya ka le lona lebese la ka. Jang, le nwe, lona metswalle, le nwe haholo, lona baratuwa!


Haeba le rata, le bile le mamela, le tla ja menono ya fatshe lena;


Morena o tla sireletsa thaba ena, Bamoabe bona a ba hatakele, a ba hatakele sa mmoko o hatakellwa moraheng.


bona ke tla ba tlisa thabeng ya ka e halalelang, ke ba thabise ka tlung ya ka ya thapelo. Nyehelo tsa bona tsa setjheso le mahlabelo a bona, tsena ke tla di amohela aletareng ya ka, hobane ntlo ya ka e tla bitswa ntlo ya thapelo, e bitswe ntlo ya thapelo ya ditjhaba tsohle.”


“Moabe e iketlile ho tloha botjheng ba yona, e ka veine eo ditshifa tsa yona di qitileng, e sa rokollelweng dinkgong ka ho fapana, le bothopuweng Moabe ha e eso ka e iswa; kahoo boleng ba yona e ntse le ba pele, le monko wa yona ha wa fetoha.


Yaba o newa puso, le tlotla, le mmuso, e le hore ba ditjhaba tsohle, le ba merabe yohle, le ba dipuo tsohle ba mo sebeletse. Puso ya hae ke puso ya kamehla yohle, e ke keng ya fela, mme mmuso wa hae o ke ke wa timetswa.”


Morena o bua tjena: “Ke kgutlela Sione, mme ke tla aha Jerusalema. Kahoo Jerusalema e tla bitswa Motse wa Nnete, le thaba ya Morena wa mabotho e bitswe Thaba e Halalelang.”


Ke a le bolella, ho tloha jwale ha nka ke ka nwa seno se tswang tholwaneng ya morara ho fihlela letsatsing leo ke tla se nwa le lona Mmusong wa Ntate se le setjha.”


Ke a le bolella, ba bangata ba tla tswa botjhabela le bophirimela, ba be dijong le Aborahama, Isaka le Jakobo Mmusong wa mahodimo,


A re ho bona: “Eyang lefatsheng lohle, le phatlalletse dibopuwa tsohle molaetsa o molemo.


hore le je, le nwe tafoleng ya ka Mmusong wa ka. Le tla dula diteroneng le ahlole meloko e leshome le metso e mmedi ya Iseraele.”


Ha ho eo ekareng ha a nwele veine ya kgale, ebe o lakatsa e ntjha, hobane o re: ‘Ya kgale e monate ho feta.’ ”


Empa le tlile thabeng ya Sione, motseng wa Modimo ya phelang, e leng Jerusalema ya lehodimo, le ho diketekete tsa wona tsa mangeloi.


Yaba lengeloi le re ho nna: “Ngola. Ho lehlohonolo ba memetsweng moketeng wa dijo wa lenyalo la Konyana.” La nto re: “Tsena ke dipolelo tsa Modimo tsa sebele.”


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ