Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Isaia 24:21 - BIBELE

21 Ka tsatsi leo, Morena o tla otla, a otle mabotho a hodimo lehodimong, kgosi tsa lefatshe a di otlele lefatsheng.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

21 Mehleng eo, Jehova o tla otla makgotla a lehodimo, nqalong tse phahameng, le marena a lefatshe lefatsheng.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Isaia 24:21
23 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Etsang dikano, le di etsetse Morena Modimo wa lona, le be le di phethe; ditjhaba tsohle tse kamathoko di nyehelle Ya Tshajwang,


Etlare ha Morena a qetile mosebetsi wohle wa hae Thabeng ya Sione le Jerusalema, a otle kgosi ya Asiria ka baka la boikgohomoso ba pelo ya yona, le ka baka la ho inkela hodimo ha yona,


Lefatshe ke tla le otla, ke le otlele bokgopo ba lona, ba kgopo le bona ke ba otle, ke ba otlele dibe tsa bona, boikakaso ba ba itjang ke bo fedise, boikgohomoso ba bompodi ke bo kokobetse.


Tsatsi le teng le beilweng ke Morena wa mabotho, le beetsweng baikgantshi le baikgohomosi, le bohle ba ikakasang, hore a tla ba kokobetse;


Fatshe le bofifing, le bile le a pona, fatshe le a tepella, le bile le a pona, bahlomphehi ba lefatshe le bona ba a tepella.


Kgoro tsa hao di tla dula di ntse di butswe, ha di ka ke tsa kwalwa motsheare le bosiu, batho ba o tlisetse maruo, maruo a baditjhaba, dikgosi tsa bona di tla di entse mokoloko.


“Wena ngwana motho, porofetela Gogo, o re: ‘Morena Modimo o bua tjena: Bona, ke a o lwantsha wena Gogo, o leng kgosana e kgolo ya Mesheke le Tubale.


Le tla bolaelwa hara naha, hobane ke buile jwalo, ho rialo Morena Modimo.


“Egepeta e tla fetoha nanaola, Edomo yona e fetohe lefeella, hobane tjhaba sa Juda se ile sa hlekefetswa, madi a sona a tshollwa a se na molato.


Mohla Morena a etsang sehlabelo, ke tla otla mahosana le bara ba kgosi, le bohle ba apereng meaparo esele.


Di tla lwantsha Konyana, empa Konyana e tla di hlola, hobane yona ke Morena wa marena, le Kgosi ya dikgosi. Ba bitsitsweng, ba kgethilweng, ba tshepahalang, le bona ba tla hlola hammoho le yona.”


“Dikgosi tsa lefatshe, tse entseng bohlola le yona, tsa phela ka boithabiso le yona, di tla e llela, di e hlomohele, ha di bona mosi wa ho tjheswa ha yona.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ