Isaia 24:20 - BIBELE20 Fatshe le tla thekesela, le kapeye sa letahwa, le tsokotsehe sa lephephe la molebedi; dibe tsa lona di tla le imela haholo, ebe le a wa, ha le hlole le tsoha hape. အခန်းကိုကြည့်ပါ။Sesotho 1909/1961 (SO)20 Lefatshe le thekesela jwaloka motho ya tahilweng, le tetema jwaloka lephephe, le imelwa ke sebe sa lona, le a wa, ha le sa tla hlola le tsoha. အခန်းကိုကြည့်ပါ။ |
Batho bana le bona ba thekesediswa ke veine, jwala bo bohale bo etsa hore ba kgothometsehe; baprista le baporofeta ba thekesediswa ke jwala, kelello di tsherehantswe ke ho itlopa veine, jwala bo bohale bo etsa hore ba kgothometsehe; ba bona dipono ba ntse ba thekesela, dinyewe ba di ahlola ba ntse ba ratseela ke jwala.