Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Isaia 24:19 - BIBELE

19 Fatshe lohle le tla ripitlwa, le ripitlwe, fatshe lohle le tla phatloha, le phatlohe, fatshe le tla sisinngwa madulong a lona, le sisinngwe.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

19 Lefatshe le a thuhakanngwa, lefatshe le kunngwa dikoto, lefatshe le sisinyeha hohle.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Isaia 24:19
15 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

“Ka nako eo ke e beileng,” ho rialo Modimo, “ke nna ya tla ahlola ka ho loka.


Ke tla etsa hore mahodimo a thothomele, fatshe le be le suthe madulong a lona, tsena di tla bakwa ke kgalefo ya Morena wa mabotho, mohla tsatsi la bohale bo tlokomang ba hae.


Batho ba tla balehela mahaheng, ba balehele katlasa mafika, ba kene mekoting e tjhekilweng fatshe, ka baka la ho tshaba Morena le kganya ya botletlehi ba hae, ha a phahama ho tshosa lefatshe.


Ha a hlaha dithaba di a sisinyeha, maralla le wona a qhibidihe; lefatshe le a reketla ha Morena a hlaha, lefatshe le bohle ba ahileng ho lona.


Ha a ema, lefatshe la sisinyeha, ha a tadima, merabe ya thothomela; dithaba tsa boholoholo tsa heleha, maralla a kgalekgale a batalla. Ditsela tsa hae ke tsa kamehla yohle.


Hoba a qete ho bua mantswe ana, lefatshe la ngamoha katlasa bona;


lefatshe la ahlama, la ba kwenya, bona le matlo a bona, le balatedi ba bona, le thepa yohle ya bona.


Yare ha a ntse a dutse Thabeng ya Mehlwaare, barutuwa ba hae ba tla ho yena boinotshing, ba re: “Ako re bolelle: Dintho tsee di tla etsahala neng? Pontsho e tla ba efe ya ho tla ha hao le ya ho fela ha mehla ya kajeno?”


le seo a se entseng ho Datane, le ho Abirame, bara ba Eliabe, mora wa Rubene, kamoo lefatshe le ileng la ahlama kateng, mme la ba metsa hammoho le tsohle tsa bona, le ditente tsa bona, le tsohle tse phelang, tseo ba neng ba tsamaya le tsona, setjhabeng sa Iseraele.


Letsatsi la Morena le tla fihla jwaloka leshodu. Mohlang oo mahodimo a tla fela ka lerata le tshabehang. Dintho di tla qhibidiswa ke motjheso, mme lefatshe le tsohle tse ho lona di tla fediswa.


ha le ntse le lebeletse letsatsi la Modimo, mme le etsa hore le tle ka potlako; e leng leo ka lona mahodimo a tla fediswa ka mollo, mme dintho di qhibidiswe ke motjheso.


Jwale ka bona terone e kgolo, e tshweu, le ya dutseng hodima yona. Lefatshe le lehodimo tsa baleha pela sefahleho sa hae, tsa nyamella ruri.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ