Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Isaia 24:13 - BIBELE

13 Ho tla ba jwalo lefatsheng, hara ditjhaba, ho be jwaloka fate sa mohlwaare ha se hlohlorwa, ho kgwahlapiswa morara o setseng ha ho kotulwa.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

13 Naheng eo, le hara ditjhaba, ditaba di tla ba jwaloka mohla ho kguwang ditlholwana tsa mehlwaare, le jwalokaha ho kgwahlapiswa ha ho se ho kotutswe merara.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Isaia 24:13
19 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Hoja Morena wa mabotho a se ka re siela mahlatsipa, re ka be re ile ra ba jwaloka Sodoma, re ka be re ile ra tshwana le Gomora!


“Mohla tsatsi leo, tlotla ya Jakobo e tla fifala, monono wa hae le wona o fele.


Ka letsatsi leo, Morena o tla pola koro ho tloha nokeng ya Euferatese ho ya fihla molatswaneng wa Egepeta, ebe lona bana ba Iseraele, le bokellwa ka bonngwe.


Leha ho ka sala a le mong ho ba leshome, le yena o tla fediswa jwaloka sefate se seholo, a fediswe jwaloka fate sa eike, seo kutu ya sona e salang ha se rengwa. Kutu ya sona ke peo e halalelang.”


Empa ba mmalwana, ba tlang ho phonyoha, ba tla tswa naheng ya Egepeta, ba kgutlele naheng ya Juda, mme masalla a Juda, a ileng a ya naheng ya Egepeta ho ya jaka teng, a tla tseba hore na ha e le lentswe la ka kapa lentswe la bona, ke lefe leo e leng nnete.


Bohle ba tla phonyoha ba tla balehela dithabeng, ba kuruetse sa maeba a dikgohlo, motho ka mong a llele dibe tsa hae.


“ ‘Ha le kotula masimo a lona, le se ke la kotudisisa ho ya fihla meeding, mme le se ke la kgwahlapisa moo le seng le kotutse teng.


“Ruri ke tla le phutha kaofela, ke phuthe lona bohle ba ntlo ya Jakobo; ruri masalla a Baiseraele ke tla a phutha, ke a kgobokanye sa nku di kena sakeng, ke a phuthe sa mohlape o le makgulong, e be boiyane bo phetheselang ba batho.


Ke madimabe hakaakang! Ke ka motho ya reng o kgola tholwana, ya reng o kgola tsa hlabula athe ha di yo. Ke ka rapa sa morara se kgwahlapisitswe; ha ho lesihla la morara le ka jewang, ha ho feiye ya pele eo nka e lakatsang.


Hojane nako eo ha e tlo kgutsufatswa ho ne ho se motho le ya mong ya neng a tla pholoha, empa nako eo e tla kgutsufatswa ka baka la bakgethwa.


“Leha ho le jwalo, o sa na le ba seng bakae Saredeise ba sa kang ba silafatsa diaparo tsa bona. Ba tla mphelehetsa ba apere diaparo tse tshweu, hobane ba lokelwa ke hona.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ