Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Isaia 23:15 - BIBELE

15 Ho tloha ka tsatsi leo, Tire e tla lebalwa ka dilemo tse mashome a supileng, e leng nako e lekanang le dilemo tsa ho phela ha kgosi. Ha dilemo tseo tse mashome a supileng di fetile, Tire e tla tshwana le seotswa se bolelwang pineng e reng:

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

15 Mehleng eo, Tire o tla lebalwa ka dilemo tse mashome a supileng, tse lekanang matsatsi a ho phela ha morena a le mong; dilemo tse mashome a supileng ha di fetile, Tire o tla hlahelwa ke taba ya pina ya seotswa, e reng:

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Isaia 23:15
13 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

“Nka harepa ya hao o potolohe le motse, wena seotswa towe, o seng o sa hopolwe; tsanyaola melodi, o bine dipina tse ngata, o tle o boele o hopolwe hape.”


Ha dilemo tse mashome a supileng di fetile, Morena o tla hopola Tire. Jwaloka seotswa sena Tire e tla boela kgwebong ya yona, e sebedisane le mebuso yohle e teng lefatsheng.


le dikgosi tsohle tsa Tire, le dikgosi tsohle tsa Sidone, le dikgosi tsohle tsa dinaha tse lebopong la lewatle,


“Morena o bua tjena: ‘Ha dilemo tse mashome a supileng tse baletsweng Babilona di fela, ke tla le hopola, ke phethahatse tshepiso ya ka ya ho le hauhela ke le kgutlisetsa sebakeng sena.


“ ‘Ka baka leo, wena seotswa towe! utlwa lentswe la Morena.


“ ‘Ka dikepe tsa Tarashishe, kepe tsa kgwebo, thepa ya hao ya kgwebo e ne thothwa; wa ba jwaloka sekepe bodibeng, o tletse meqeqeko ya tsa kgwebo.


Ha ho motho kapa phoofolo e tla ke e hate hodima yona, mme Egepeta ha e ka ke ya hlola e eba le baahi ka dilemo tse mashome a mane.


Yaba o newa puso, le tlotla, le mmuso, e le hore ba ditjhaba tsohle, le ba merabe yohle, le ba dipuo tsohle ba mo sebeletse. Puso ya hae ke puso ya kamehla yohle, e ke keng ya fela, mme mmuso wa hae o ke ke wa timetswa.”


Phooko e makgisa ke kgosi ya Gerike, mme lenaka le mophekapheka, le phatleng ya yona, ke kgosi ya pele.


Moo teng ke tla mmuseletsa, ke mmuseletse dirapa tsa morara, kgohlo ya Akore ke e etse monyako wa tshepo. Teng o tla tsanyaola, a tsanyaole sa botjheng ba hae, sa mohla a neng a nyoloha Egepeta.


tse hlano tsa tsona di se di wele, ya botshelela e ntse e busa, ya bosupa e sa tla tla. Empa mohla e tlang e tla ba teng ka nakwana feela.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ