Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Isaia 22:25 - BIBELE

25 “Ka tsatsi leo,” ho rialo Morena wa mabotho, “thakgisa e kgokgothetsweng moo ho tiileng e tla kgokgothollwa, e kgaolwe, e wele fatshe, mme tsohle tse neng di itshwareletse ka yona di tla senyeha,” ho rialo Morena.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

25 Tsatsing leo, ha ho bolela Jehova wa makgotla, thakgisa e hlomilweng moo ho tiileng e tla tloswa, e lahlwe, e we, mme ntho tsohle tseo e neng e di jere, di tla wela fatshe, hobane Jehova o boletse.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Isaia 22:25
15 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Le se ke la tshepa mahosana, leha e le motho ya se nang matla, matla a ho pholosa.


O rata bobe ho ena le botle, le leshano ho ena le nnete.


Ke tla mo kgokgothela sebakeng se tiileng jwalokaha eka ke thakgisa, mme e be terone e tlotlehang ya lapa la ntatae.


Tlotla yohle ya lapa labo e tla ba hodima hae; ya ditloholo le ya ditloholwana, ya dijana tsohle tse nyenyane, le ya dipitsa tsohle tsa mepotjwana.


Ke bitsa lenong le etswa botjhabela, e leng motho ya tswang naheng e hole, ke mmitsetsa ho tla phetha thato ya ka. Seo ke se boletseng ke tla se phetha, seo ke se rerileng ke tla se etsa.


Nna, e leng nna, ke se ke buile; e, ke se ke bile ke mmitsitse. Ke mo tlisitse, o tla atleha hohle moo a yang teng.


Kahoo lefatshe le tla ba le bofifi, mahodimo a hodimo le wona a fifale, hobane ke boletse, ke se ke rerile, nke ke ka fetoha kapa ka tjhetjha.”


“Bohale ba ka bo tla fela, mme kgalefo eo ke neng ke ba halefetse ka yona e kokobele, hobane ke tla be ke ipheteditse. Ha ke phethahaditse kgalefo ya ka hodima bona, ba tla tseba hore ke nna Morena, ya buileng ka tjheseho.


Mohla ke phethahatsang kahlolo ya ka hodima hao ka bohale, ke o kgalemela, ke halefile, o tla fetoha sekgobo, o nyedisehe; o be thuto le sesomo ho ditjhaba tsohle tse o potapotileng. Nna Morena ke buile.


Ke tla o romela sekoboto le dibatana, di o bolaele bana. Lefu la sewa le tshollo ya madi di tla o aparela, sabole e o bolaye. Nna Morena, ke se ke buile.”


Motho ka mong o tla phomola tlasa morara wa hae, a phomole tlasa sefate sa hae sa feiye; ha ho le ya mong ya sa tla ba tshosa, hobane Morena wa mabotho o boletse jwalo.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ