Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Isaia 19:23 - BIBELE

23 Mohlang oo, ho tla ba le mmila o tswang Egepeta, o yang Asiria. Moasiria o tla ya Egepeta, Moegepeta a ye Asiria, mme Baegepeta ba rapele hammoho le Baasiria.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

23 Mehleng eo, mmila o tla ba teng o tswang Egepeta, o yang Assiria; Baassiria ba tla tla Egepeta, Baegepeta ba ye Assiria, mme Egepeta o tla sebeletsa Jehova a ena le Assiria.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Isaia 19:23
15 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

“Hara ditjhaba tse ntsebang ke bolela tsena: Egepeta le Babilona, Filesitiya le Tire, mmoho le Kushe; ka tsona ho thwe: ‘Motho enwa o tswaletswe Sione.’ ”


Tsatsing leo Morena o tla otlolla letsoho la hae kgetlo la bobedi, ho lopolla masalla a setjhaba sa hae a Asiria le a Egepeta, a Patarose le a Kushe, a Elame le a Shinare, a Hamate le a ahileng dihlekehlekeng.


Masalla a tjhaba sa hae a tswang Asiria, a tla tsamaya mmileng o phatlaletseng, jwaloka mohla Baiseraele ba tswang Egepeta.


Mohlang oo, Iseraele e tla ba ya boraro kamora Egepeta le Asiria, mme lefatshe lohle le tla hlohonolofala ka baka la yona.


Matjhabatjhaba a tla fihla, a re: “Tloong, re nyoloheleng Thabeng ya Morena, re nyoloheleng Tempeleng ya Modimo, Tempeleng ya Modimo wa Jakobo. O tla re ruta ditaba tsa hae, re tle re tsamaye tseleng tsa hae;” kaha molao o tla tswa Thabeng ya Sione, ntswe la Morena le tswe Jerusalema.


Ka lona tsatsi leo, ho tla letswa lenaka le leholo, mme ba neng ba le lekgatheng la ho shwela naheng ya Asiria, le ba neng ba leleketswe naheng ya Egepeta, ba tla kgutla, ba kgumamele Morena thabeng e halalelang e Jerusalema.


“Thabeng tsohle tsa ka ke tla etsa ditsela, mmila ya ka e katwe e tle e phahame.


Morena, Molopolli wa Iseraele, yena Ya Halalelang, o bua tjena ho mohlanka wa babusi, ho ya ileng a nyediswa, a nyonywa ke ditjhaba: “Kgosi di tla o bona, di eme ka maoto, mahosana le wona a tla o obamela, ka baka la Morena, yena ya tshepahalang, Ya Halalelang wa Iseraele, ya o kgethileng.”


Tswang! Tswang! ka dikgoro tsa motse, le lokise tsela ya tjhaba sa ka; batalatsang, batalatsang mmila, le suthise majwe, le phahamisetse ditjhaba tsohle mokgele.


Morena o re: “Batho bohle ba tla nkgumamela, ba nkgumalele ha kgwedi ka nngwe e thwasa; ba nkgumamele ka Sabatha se seng le se seng.


Mohla tsatsi leo batho ba tla tla ho lona, ba tle ba etswa Asiria le Egepeta, ba etswa Egepeta, ba etswa Euferatese; ba tle ba etswa mawatleng wohle, ba tle ba etswa dithabeng tsohle.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ