Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Isaia 19:22 - BIBELE

22 Morena o tla otla Baegepeta; o tla ba otla, a be a ba fodise, mme ba sokolohele ho yena. Yena o tla utlwa thapelo tsa bona, a ba fodise.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

22 Jehova o tla otla Egepeta jwalo; o tla otla, a boele a fodise; ba tla sokolohela ho Jehova, mme o tla mamela thapelo tsa bona, a ba fodise.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Isaia 19:22
21 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

“Kgutla, o yo bolella Hesekiya, moetapele wa setjhaba sa ka, o re ho yena: ‘Morena Modimo wa ntataomoholo, Davida, o bua tjena: Ke utlwile thapelo ya hao, mme ke bone meokgo ya hao. Bona, ke tla o fodisa. Ka letsatsi la boraro o tle o nyolohele ka Tempeleng ya Morena.


Ha o ka kgutlela ho Ya Matla wohle, yena o tla o hlohonolofatsa, ha o fedisa bokgopo kahara leaho la hao.


Modimo o a hlatha, a be a tlame leqeba; tsoho la hae le a otla, le bile le a fodisa;


Dihohwana di tla tlolela hodima hao, le hodima setjhaba sa hao, le hodima bahlanka ba hao bohle.’ ”


Tsatsing leo Morena o tla otlolla letsoho la hae kgetlo la bobedi, ho lopolla masalla a setjhaba sa hae a Asiria le a Egepeta, a Patarose le a Kushe, a Elame le a Shinare, a Hamate le a ahileng dihlekehlekeng.


Ka lona tsatsi leo, ho tla letswa lenaka le leholo, mme ba neng ba le lekgatheng la ho shwela naheng ya Asiria, le ba neng ba leleketswe naheng ya Egepeta, ba tla kgutla, ba kgumamele Morena thabeng e halalelang e Jerusalema.


Ngwedi e tla lekana le lesedi la letsatsi, lesedi la letsatsi lona le lekane le lesedi la matsatsi a supileng. Tsena di tla etsahala ka letsatsi leo ka lona Morena a tlamellang maqeba a setjhaba sa hae, a fodisang le matetetso a sona.


Morena o bua tjena: “Matlotlo a Egepeta le thepa ya kgwebo ya Kushe, le banna ba diqhobane ba naha ya Sheba, ba tla ineela ho wena e be ba hao; ba hulane kamora hao ba tlanngwe ka mahlaahlela. Ba tla o obamela, ba o rapele, ba re: ‘Ruri Modimo o na le wena, ha ho Modimo e mong ntle ho yena.’ ”


ya kgopo a furalle ditsela tsa hae, molotsana a furalle mehopolo ya hae, a sokolohele ho Morena wa hae, mme Morena o tla mo hauhela; a sokolohele ho Modimo wa rona, hobane yena o tshwarela haholo.


Tsela tsa bona ke di bone, ke tla ba phekola; ke ba tsamaise, ke tshedise ba llang,


Thotofatsa dipelo tsa batho bana, o thibe ditsebe tsa bona, o tutubatse mahlo a bona, esere mohlomong ba bona ka mahlo a bona, ba utlwa ka ditsebe tsa bona, ba utlwisisa ka dipelo tsa bona, ba sokoloha, yaba ke a ba fodisa.”


“ ‘Leha ho le jwalo Morena Modimo o bua tjena: Etlare ha ho fetile dilemo tse mashome a mane, ke phuthe Baegepeta hara ditjhaba tseo ke ba qhalantseng hara tsona.


Wena Iseraele, kgutlela ho Morena, Morena Modimo wa hao, hobane o wele ka baka la bokgopo ba hao.


Ke tla tsamaya ke ikgutlelle haeso, ho fihlela ba dumela molato wa bona, ba o dumela, ba bile ba mpatla. Matshwenyehong a bona ba tla mpatla, ba mpatlisise.”


Kamora matsatsi a mabedi o tla re phedisa, ka tsatsi la boraro ebe o a re emisa, re tle re phele mmoho le yena.


“ ‘Bona, ke nna eo e ntseng e le yena, ha ho Modimo e mong. Ke a timetsa, ke a phedisa, ke a hlatha, ke a fodisa, ha ho ya ka namolelwang matsohong a ka.


Kgalemelo e nngwe le e nngwe ha e etswa ha e thabise, e bohloko, empa hamorao bao e ba thapisitseng, e ba tlisetsa ditholwana tsa kgotso, tsa ho loka.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ