Isaia 19:19 - BIBELE19 Mohla tsatsi leo, kahara naha ya Egepeta ho tla ba le aletare ya Morena, mme moeding wa yona ho be le sefika sa Morena. အခန်းကိုကြည့်ပါ။Sesotho 1909/1961 (SO)19 Mehleng eo, Jehova o tla kgethelwa aletare bohareng ba lefatshe la Egepeta, mme sefika se kgethetsweng Jehova se tla ema pela meedi ya naha. အခန်းကိုကြည့်ပါ။ |
empa e be paki e pakeng tsa rona le lona, le pakeng tsa ditloholo tsa rona, hore le rona re tla etsetsa Morena tshebeletso moo a leng teng, ka dinyehelo tsa rona tsa setjheso, le ka mahlabelo a rona, le ka dinyehelo tsa rona tsa teboho; esere ka nako e tlang bana ba lona ba re ho bana ba rona: “Ha le na kabelo ya letho ho Morena!”
“ ‘Ka baka leo, re ile ra re etlare ka nako e tlang, ha ba bua jwalo ho rona kapa ho bana ba rona, ebe re re: “Bonang moaho ona wa aletare ya Morena, e tshwanang le eo bo-ntata rona ba e hahileng, ba sa e hahe e le e etsetsang nyehelo ya setjheso, kapa ya sehlabelo, e mpa e le paki e pakeng tsa rona le lona.”