Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Isaia 19:18 - BIBELE

18 Mohla tsatsi leo, metseng e mehlano ya naha ya Egepeta, batho ba tla bua puo ya Bakanana, ba hlapanye ka lebitso ba Morena wa mabotho. O mong wa metse eo o tla bitswa Motse wa Timelo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

18 Mohlang oo, metse e mehlano e tla ba teng Egepeta e tla bua puo ya Kanana, e ane ka Jehova wa makgotla; o mong ho yona o tla rewa Ire-Haherese (motse wa letsatsi).

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Isaia 19:18
15 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Lefatshe lohle le ne le bua puo e le nngwe, le sebedisa mantswe a le mang.


ba ikopanya le bana babo bona, le mahosana a bona, ba hlapanya hore, haeba ba ke ke ba latela Molao wa Modimo, oo ba o neilweng ke Moshe, mohlanka wa Modimo, ba rohakehe. Ba hlapanya le hore ba tla boloka, mme ba phethe melao yohle ya Morena Modimo wa bona, le dikahlolo tsa hae, le ditaelo tsa hae.


Kgalema sebatana se moferong, batho ba kang mohlape wa dipoho, le manamane a wona, ba ke ba ineele, ba o tlisetse silefera; qhalanya ditjhaba tse ratang ntwa.


Tsatsing leo Morena o tla otlolla letsoho la hae kgetlo la bobedi, ho lopolla masalla a setjhaba sa hae a Asiria le a Egepeta, a Patarose le a Kushe, a Elame le a Shinare, a Hamate le a ahileng dihlekehlekeng.


Morena o tla hauhela Jakobo, a boele a ikgethele Baiseraele, a ba ahise naheng ya bona; baditjhaba ba tla aha le bona, ba kgomarele ntlo ya Jakobo.


Mohla tsatsi leo, kahara naha ya Egepeta ho tla ba le aletare ya Morena, mme moeding wa yona ho be le sefika sa Morena.


Morena o tla etsa hore Baegepeta ba mo tsebe, mme mohla tsatsi leo, ba tla dumela hore ke yena Morena, ba mo kgumamele ka ho mo etsetsa mahlabelo, le ka ho mo nyehella ka nyehelo ya dijo. Ba tla mo etsetsa dikano, mme ba di phethe.


Moikakasi o tla kokobetswa, baikgohomosi bona ba nyenyefatswe, mohlang oo ke Morena feela, ya tla phahamela tsohle.


Ka lona tsatsi leo, ho tla letswa lenaka le leholo, mme ba neng ba le lekgatheng la ho shwela naheng ya Asiria, le ba neng ba leleketswe naheng ya Egepeta, ba tla kgutla, ba kgumamele Morena thabeng e halalelang e Jerusalema.


Ya kopang tlhohonolofatso mona lefatsheng, o tla kopa ho hlohonolofatswa ke Modimo wa nnete; ya hlapanyang mona lefatsheng, o tla hlapanya ka Modimo wa nnete, hobane tsietsi tsa pele di tla be di lebetswe, le mahlong a ka di se di patehile.”


Haeba ba ithuta mekgwa ya setjhaba sa ka hantle, mme ba hlapanya ka lebitso la ka, jwalokaha ba ile ba ruta setjhaba sa ka ho hlapanya ka Baale, ba re: ‘Ka Morena ya phelang,’ ba tla tsitsa hara setjhaba sa ka.


Mohlang oo ke tla fedisa puo tse mpe tsa ditjhaba, bohle ba tle ba ipiletse ho Morena, ba mo sebeletse ba le ntsweleng.


“Mohla tsatsi leo baditjhaba ba bangata ba tla ikopanya le Morena, e be setjhaba sa hae. O tla dula le lona, mme le tla tseba hore Morena wa mabotho o nthomme ho lona.


Le tshabe Morena Modimo wa lona. Le mo sebeletse, le mo kgomarele, le hlapanye ka lebitso la hae.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ