Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Isaia 16:14 - BIBELE

14 Empa jwale Morena o re: “Ho eso fete dilemo tse tharo, ho ya kamoo mohlanka a di balang kateng, botlotlehi ba Moabe le ba setjhaba sa hae se sengata, bo tla nyediswa, masalla a be mmalwana, a fokole.”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

14 Mme jwale, Jehova o a bua, o re: Ho tla feta dilemo tse tharo, tse kang dilemo tsa motho ya thotsweng; mme kganya ya Moabe e tla fela, bongata bo boholo ba hae bo fele; ho tla siuwa ba se ba kae, e seng ba bangata.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Isaia 16:14
18 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Jakobo a utlwa dipuo tsa bara ba Labane, tse reng: “Jakobo o nkile tsohle tseo e neng e le tsa ntata rona, mme leruo lena lohle o le fumane ka tse tswang ho ntata rona.”


Hamane a ba phetela tsa bongata ba maruo a hae, le kamoo bara ba hae ba leng bangata kateng, le mesebetsi yohle eo kgosi e mo phahamiseditseng ho yona, le kamoo e mmeileng ho okamela mahosana le bahlanka ba kgosi kateng.


Tlohela ho mo tjamela, a fumane phomolo, nako ya hae e be fete jwaloka ya mohiruwa.


“Bophelo ba motho mona lefatsheng ke ntwa, matsatsi a hae ekare a mohiruwa,


Ka bophirimela ba tla ubella Filesitiya, ba kopanele tjhaba tsa botjhabela ba di senyetse, ba hape Baedomo le Bamoabe, Baamone bona ba buswe ke bona.


Pelo ya ka e llela ba Moabe, baphaphathehi ba bona ba balehetse Soware, ba baleha ho ya fihla Egelate-Sheleshiya, ba nyoloha ka tsela e yang Lohite, ba nyolohela Lohite ba ntse ba lla, ba llela timelo ya bona ba le tseleng e yang Horanaime.


Sena ke seo Morena a neng a se bue malebana le Moabe ka nako eo.


“Mohla tsatsi leo, tlotla ya Jakobo e tla fifala, monono wa hae le wona o fele.


Morena o buile tjena ho nna: “Etlare ho eso fete selemo, ho ya kamoo mohlanka a balang dilemo kateng, botlotlehi ba Kedare bo be bo fedile.


Ke Morena wa mabotho ya rerileng hona, ho fedisa boikgantsho ba bohle ba tlotlwang, ho kokobetsa bohle ba tummeng lefatsheng.


Morena o tla sireletsa thaba ena, Bamoabe bona a ba hatakele, a ba hatakele sa mmoko o hatakellwa moraheng.


Leha ba ka phakalatsa matsoho a bona hodima moraha, ba a phakalatsa sa sehlapi se sesa, Morena o tla fedisa boikgantsho ba bona, le hoja matsoho a bona a le bohlale.


Empa etlare moshanyana a eso tsebe ho kgesa bobe, le ho ikgethela ho lokileng, naha ya dikgosi tsena tse pedi, tseo o di tshabang, e tla fetoha nanaola.


Botjhaba ba Moabe bo tla fediswa, hobane e ikakaseditse Morena.


Morena o bua tjena: “Mohlalefi a se ithorise ka bohlale ba hae, senatla se se ithorise ka bonatla ba sona, morui a se ithorise ka maruo a hae;


Le mo fe ka letsoho le batsi, le mo adime ho lekana seo a se hlokang, ho ya kamoo a haellwang kateng.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ