Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Isaia 14:30 - BIBELE

30 Ba futsanehile baholo ba tla kgora, bahloki ba tla dula ba pholohile, ditloholo tsa hao tsona di shwe ke tlala, masalla a hao le wona e a bolaye.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

30 Bahloki ba hlokang haholo ba tla kgora, bafumanehi ba phomole ka kgotso; empa ke tla timetsa motso wa hao ka tlala, ho setseng ho wena ho tla bolawa.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Isaia 14:30
21 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Bolwetse bo mo natholotsa letlalo, ditho tsa hae di jewa ke lefu le tshabehang.


empa mafutsana o tla a ahlolela ka toka, ba ikokobeditseng ba naha ena a ba sebeletse ka toka, polelo tsa hae e be thupa e otlang naha ena, kahlolo tsa hae di timetse ba kgopo.


Baikokobetsi ba tla boela ba thabela Morena, mafutsana a thabele Ya Halalelang wa Iseraele.


Morena o qosa baholo ba tjhaba sa hae, o qosa le babusi ba sona, o re: “Tshimo ya ka ya morara e lobetswe ke lona, matlo a lona a tletse tse amohilweng mafutsana.


Ke ka baka lang ha le hatakela setjhaba sa ka, mafutsana le wona le a tlatlapa?” ho rialo Morena, Morena mabotho.


ke yena ya tla phela bakeng tse phahameng, eo setshabelo sa hae e tla ba qhobosheane e thabeng. Dijo o tla di fuwa, a ke ke a hloka metsi.


“Sena e tla ba pontsho ho wena: “Monongwaha le tla ja matshwabodi, isao le je tse tswalwang ke dirite; ka sa boraro le tla jala le kotule, le hlome morara, le je tholwana tsa wona.


Dinku di tla fula eka ke makgulong a tsona, dikonyana tsona di fule thakong tsa barui.


Koduwa tse pedi tsena di o wetse hodimo; ya ka o tshedisang ekaba ke mang? O wetse ke tshenyeho le tahleho, o wetswe ke sekoboto le sabole; ya ka o thobang pelo ekaba ke mang?


Batho ba tla lelera lefatsheng ba tsielehile, ba lapile, mme etlare ha ba lapile ba pote, ba tadime hodimo, ba rohake kgosi ya bona le Modimo wa bona.


Ba ja tse ka tsohong le letona, empa ha ba ke be ba kgore, ba je tse ka ho le letshehadi, le teng ba se ke be ba kgotsofale, motho ka mong a je nama ya tsoho la hae.


Tjhaba se mosa, se ikokobetsang, se tla o salla se ntse se phela, se ntse se phela, se tshepile Morena.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ