Isaia 14:29 - BIBELE29 Se nyakalleng lona Bafiletsita bohle, la re molamu o neng o le otla o robehile, hoba lelokong la noha eo ho tla tswalwa qowane, yona e tswale kganyapa e fofang ka setsokotsane. အခန်းကိုကြည့်ပါ။Sesotho 1909/1961 (SO)29 Wena naha ya Filistia, o se ke wa thaba, ke hobane thupa e neng e o otla e robehile; hobane motsong wa noha ho tla tswa qowane, mme tholwana ya yona e tla ba drakone e fofang. အခန်းကိုကြည့်ပါ။ |
Bona ke boporofeta malebana le dibatana tsa naha e ka Borwa: Naheng ya ditsietsi le ya mahlomola, naheng ya ditau le ditauhadi, ya bo-marabe le ya noha tse mahloko, tse tjhalametsang, maqosa a belesitse maruo a wona hodima ditonki, matlotlo a wona hodima dilota tsa dikamele, a a isetsa tjhaba sena se se nang thuso,