Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Isaia 14:25 - BIBELE

25 Ke tla phetshela Baasiria naheng ya ka, dithabeng tsa ka ke ba hatakele; joko ya bona ke tla e tlosa hodima tjhaba sa ka, mojaro wa bona ke o tlose mahetleng a sona,

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

25 Ke tla roba Baassiria lefatsheng la ka, ke ba hatakele ka maoto dithabeng tsa ka, hore batho ba ka ba lokollwe jokong ya bona, ba jarollwe phahlo ya bona melaleng ya bona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Isaia 14:25
19 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Morena a romela lengeloi, le ileng la ya diahelong tsa kgosi ya Asiria, la bolaya bahale bohle, le baetapele, le balaodi. Saneheribe a kgutlela naheng ya hae ka dihlong. Yare ha a kena ka tempeleng ya modimo wa hae, bara ba tswetsweng ke yena ba fihla ba mmolaya ka sabole.


Etlare ha Morena a qetile mosebetsi wohle wa hae Thabeng ya Sione le Jerusalema, a otle kgosi ya Asiria ka baka la boikgohomoso ba pelo ya yona, le ka baka la ho inkela hodimo ha yona,


Morena o robile molamu wa ya kgopo, lere la puso la babusi o le robile,


O madimabe hakaakang, wena motimetsi, wena o esong ho ka o timetswa! O madimabe hakaakang, wena lehlabaphiyo, wena o esong ho ka e ekwa! Ha o qeta ho timetsa, wena o tla timetswa, ha o kgaotsa ho eka, wena ba tla o eka.


Hlohlora lerole le ho wena, wena Jerusalema, o eme, o dule teroneng, wena Jerusalema. Kgaola mahlaahlela a molaleng wa hao, wena moradi wa Sione, o leng mothopuwa.


Joko e neng e se imela, le molamu o neng o le mahetleng a sona, le thupa ya mohlorisi wa sona, tsena o di robile sa mohla o hlolang Bamede.


“Asiria e teng le mabotho wohle a yona, e teetswe hare ke mabitla a bahlabani bohle ba yona, ba bolailweng ka sabole.


Wena Gogo le mabotho a hao, le ditjhaba tse emeng le wena, le tla bolaelwa hodima dithaba tsa Iseraele, ditopo tsa lona di jewe ke dinonyana tse jang dififi, le ke dibatana tsa naha.


Yena e tla ba kgotso ya bona. Ha Asiria e futuha, e futuhela naha ya rona, qhobosheane tsa rona e di ripitla, re tla e neella ka balaodi ba supile, le ka mahosana a robedi a setjhaba.


Ba tla busa naha ya Asiria ka sabole, le naha ya Nimerode ka sabole e motsutswe; mmusi ya tswang Betlelehema o tla re namolela, a re namolele matleng a Asiria ha e futuhela naha ya rona, e hwanka kahara meedi ya rona.


Ke tla roba joko e le hatileng melala, mahlaahlela a le holehileng ke a kgaole.”


Ke tla ba tshedisa lewatle la ditlokotsi, maqhubu a bilohang ke a bobise, dikweetsa tsohle tsa Nile ke di pshese. Boikakaso ba Asiria bo tla kokobetswa, puso ya Egepeta le yona e fele.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ