Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Isaia 14:22 - BIBELE

22 “Ke tla ema ke ba futuhele,” ho rialo Morena wa mabotho; “ke tla timetsa bitso la Babilona le masalla a yona, ke timetse bana ba yona le ditloholo tsa yona,” ho rialo Morena.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

22 Hobane ke tla tloha ke ba lwantshe, ho bolela Jehova wa makgotla; ke tla fedisa lebitso la Babilona, le ho setseng ha hae, lekala le lehlomela, ho bolela Jehova.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Isaia 14:22
15 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

“ ‘Ka baka leo, ntlo ya Jeroboame ke tla e dihela koduwa. Ke tla bolaya bohle ba batona ba lelapa la Jeroboame; e ka ba makgoba kapa ba lokolohileng. Ke tla timetsa masalla a lelapa la Jeroboame, jwalokaha motho a besa kgapane, e ba e re lore!


Morena o re: “Ka baka la ho tujwa ha bahlophehi, le la ho dumaela ha mafutsana, jwale ke kena dipakeng; ke tla ba fa pholoho eo ba e hloretseng.”


Ho hopolwa ha mofu ya lokileng ho lehlohonolo, empa bitso la ya kgopo le ke ke la hopolwa.


A tswa naheng e hole, pheletsong tsa lehodimo, Morena o tla ka dihlomo tsa kgalefo ya hae, hore fatshe lohle a tle a le timetse.


Bonang, ho tla bapalami ba dipere ka bobedi! Sebohodi sa boela sa bua, sa re: “Babilona e wele! Babilona e wele! Tshwantsho tsa medimo ya bohata, medimo e betlilweng, di bjaramane, di hasantswe fatshe!”


Morena, Mopholosi wa hao, Ya Halalelang wa Iseraele, o bua tjena: “Ka baka la lona ke tla otla Babilona, babalehi bohle ba Bakalatiya ke ba theole, ke ba theole ba balehele dikepeng, dikepeng tseo ba neng ba ikgantsha ka tsona.


Tjhaba se tswang leboya se tla e futuhela, se fetole naha ya Babilona e be nanaola. Ha ho na ya tla phela ho yona, ho tla baleha batho le diphoofolo.”


Malebana le Ninife, Morena o entse taelo: “Wena Ninife o tla hloka ditloholo, tloholo tse tla bitswa ka lebitso la hao. Medingwana ya hao ke tla e pshatla, ke e pshatlele ka tempeleng ya yona, ke pshatle le yona e bopilweng. Bitla la hao ke tla le etsa sesomo.”


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ