Bona ke boporofeta malebana le lehwatata le pela Lewatle: Jwaloka ditsokotsane tse ferellang naheng ya Borwa, ya futuhang o tla hlaha a etswa lehwatateng, a hlahe a etswa naheng, naheng ya matshabeho.
“Theoha teroneng, o dule leroleng, Wena morwetsana, moradi wa Babilona; itulele fatshe, o theotswe teroneng, wena moradi wa Bakalatiya. Ha o sa tla bitswa ya bonojwana, ya bokotswang.
“Jwale mamela, wena ya ratang boithabiso, wena ya iphelelang a sa natse letho, wena ya ntseng a ithetsa, ka ho re: ‘Ho re nna feela, ha ho pohopedi ntle ho nna! Nke ke be ka ba mohlolohadi le kgale, le ho shwelwa ke bana nke ke ka ho tseba!’
“Wena ngwana motho, bolella kgosana ya Tire, o re: ‘Morena Modimo o re: “ ‘Pelo ya hao e a ikgohomosa, o bile o re: Nna ke modimo, ke dutse teroneng ya Modimo, e potapotilweng ke mawatle. Empa o motho, ha o modimo, le hoja o re o bohlale sa Modimo.
“ ‘Ka baka lena, Morena Modimo o bua tjena: Kahobane kedare eo e ile ya iphahamisetsa hodimo, ya tswa ka mahetla hara mahlaku a teteaneng, le kahobane e ne e ikgantsha ka bophahamo ba yona,
“Kgosi ya Siria e tla iketsetsa borata, e iphahamise, e ithorise ka ho re e matla ho feta medimo yohle, mme e nyefole le Modimo wa medimo. E tla atleha ho be ho fihle nako ya kgalefo, hobane se laotsweng eka kgona se phethahale.
Kgosi eo e ke ke ya tsotella medimo ya bo-ntata yona, kapa modimo o ratwang haholo ke basadi, leha e le modimo ofe kapa ofe, empa e tla iphahamisa ho feta medimo eo yohle.
Yena o tla lwantsha, a iphahamisetse tsohle tse bitswang Modimo, tse kgumamelwang ke batho, hoo yena a tlang ho itulela ka Tempeleng ya Modimo, a iketse Modimo.