Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Isaia 13:22 - BIBELE

22 Mafiritshwane a tla ngaya ka qhobosheaneng tsa hao, phokojwe di ngaye ka matlung a hao a bokgosi. Nako ya timelo ya Babilona e atametse, matsatsi a yona a ke ke a lelefatswa.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

22 Diphokojwe di tla lla matlung a marena a teng, diphiri di lle matlung a teng a dinyakallo. Nako ya Babilona e se e le haufi, matsatsi a hae a ke ke a eketseha.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Isaia 13:22
19 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Pelong tsa rona ha re a o kwenehela, maoto a rona ha a a fapoha tsela ya hao;


“Babilona e tla ba hae, habo dinoko, e fetohe naha ya mekgwabo; ke tla e fedisa ka lefielo la timetso,” ho rialo Morena wa mabotho.


Wena o fetotse motse qubu ya majwe, motse o haheleditsweng wa o fetola lesupi, motse wa bokgosi wa baditjhaba ha e sa le motse, le ho tsoswa o ke ke wa hlola o tsoswa.


Ntlo ya kgosi e tla sala e le feela, mmidimidi o hara motse o fele; qhobosheane le tora e tla ba dithako kamehla, tonki di thalle teng, le mehlape e fule teng,


Matlo a bokgosi a tla mela meutlwa, qhobosheane di melelle bobatsi le hlabahlabane. naha eo e tla fetoha hae la diphokojwe, e be moo dimpshe di phelang teng.


Batana tsa naha di tla kopana le makanyane, matsa a bitsane ka ho etsa lemeemee; phoofolo tsa bosiu di tla itlela moo, di itlele moo ho batla baka sa ho phomola.


Hlabathe le tjhesang le tla fetoha letsha, diba di kopotse mobung o ommeng. Moo e ne le dilao tsa diphokojwe ho tla mela jwang, le lehlaka, le lodi.


Phoofolo tse hlaha di a ntlhompha, diphokojwe le dimpshe di a nthorisa, hobane didiba ke di tjheka lehwatateng, dinoka di phalle naheng e omeletseng, ho nyorolla tjhaba sa ka, bakgethwa ba ka.


“Ho wa ha Moabe ho se ho le haufi, koduwa ya yona e tla fihla e potlakile.


Morena wa mabotho, Modimo wa Iseraele, o bua tjena: “Morwetsana Babilona, o tshwana le seotlo, ka nako eo ho polwang ka yona, nako ya hore a kotulwe e haufi.”


“Ke tla fetola Jerusalema e be masupi, ke e fetole e be selao sa diphokojwe, metse ya Juda ke e fetole nanaola, ho se be ya ka phelang ho yona.


Phokojwe le tsona di ye di nyantshe, di ye di nyantshe madinyane a tsona; empa tjhaba sa heso se sehloho haholo, se tshwana le dimpshe tsa lehwatata!


Yaba Mmikiya o re: “Kahoo ke tla lla, ke bokolle, ke tsamaye ke hlobotse, maotong ke sa rwala; ke tla ngaya sa phokojwe ha e ngaya, ke purume sa mpshe ha e puruma.


Pono ena e sa emetse nako ya yona, e haufi e phethahala, mme e ke ke ya thetsa. Leha e ka dieha, wena o e emele, e tla fela e phethahale, ha e ka ke ya dieha.


Mohlape o tla botha hona moo, le phoofolo tsa naha ka mefuta ya tsona. Sephooko le sephookwana di tla robala teng, di robale kahodima ditshiya, tshiya tse ntseng di eme; bo-makgohlo ba hihitse ba le difesetereng, kupukupu ya mobu e thibile menyako, hobane kedare tsa yona di tla be di wele.


Phetetso le puseletso ke tsa ka, mohla maoto a bona a kgetshemelang; tsatsi la tlokotsi ya bona le atametse, timelo ya bona e potlakile.


Ka baka la meharo ya bona ba tla le hanyapetsa ka dipolelo tseo ba iqapetseng tsona. E se e le kgale moahlodi wa bona a ba emetse, mme motimetsi wa bona ha a kgalehe.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ