Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Isaia 10:33 - BIBELE

33 Bonang Morena, Morena wa mabotho, o tla roba makala ao ka matla a hae a maholo, makala a malelele a tla rengwa, a phahameng wona a tla kgethulwa.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

33 Bonang, Morena, Jehova wa makgotla, o tla roba makala a sefate seo ka matla a maholo, a matenya a tla rengwa, a phahamileng a kokobetswe.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Isaia 10:33
17 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Morena a romela lengeloi, le ileng la ya diahelong tsa kgosi ya Asiria, la bolaya bahale bohle, le baetapele, le balaodi. Saneheribe a kgutlela naheng ya hae ka dihlong. Yare ha a kena ka tempeleng ya modimo wa hae, bara ba tswetsweng ke yena ba fihla ba mmolaya ka sabole.


Etlare ho eso kotulwe, thunthung di se di ponne, ha tholwana tsa morara di qala ho bopeha, a kgaole mahlomela ka thipa ya ho faola, a kgaole makala a qalang ho thathalla.


Leha fako se ka ruthutha moru wa healla, motse wa heletswa kahohle, wa batalla,


Ha tolo la hao le thwathwaretsa, tjhaba di a baleha, ha o phahama, tjhaba di a phasalla.


Ka tsatsi le leng, ha a ntse a rapela, a le ka tempeleng ya Niseroke, modimo wa hae, bo-Adarameleke le Saresere, bara ba hae, ba mmolaya ka sabole. Ba balehela naheng ya Ararate, mme Asare-Hadone, mora wa hae, a mo hlahlama.


Bohle ba tla nyenyefatswa, ba kokobetswe, baikakasi le bona ba kokobetswe.


Ke tla o romela ba tla o timetsa, motimetsi ka mong a nkile hlomo tsa hae; ba tla rema fate tsa hao tse ntle, fate tsa hao tsa dikedare, ba di reme ba di lahlele mollong.


Bona Asiria eo e ne e le kedare ya Lebanone, e makala a matle, a thathaletseng; e ne e phahame haholo, e fihla marung, e tswile ka mahetla hara mahlaku a teteaneng.


“Jwale nna Nebukadenesare, ke rorisa Kgosi ya Lehodimo, ke a e phafa, ke a e tlotlisa, hobane mesebetsi yohle ya yona e nepahetse, le ditsela tsa yona di lokile, mme ba ikgohomosang e a ba kokobetsa.”


Ke ne ke timetse Baamore ba le thibetse tsela, leha ba ne ba le balelele, ba le balelele sa dikedare, ba le matla sa difate tsa dieike. Tholwana tsa bona ka di fedisa, le metso ya bona ka e fothola.


Morena o bua tjena: “Leha ba ka ba matla, ba eba bangata, ba tla bolawa, ba timelle ruri! Lona tjhaba sa ka, ke ile ka le otla, nke ke ka hlola ke le otla hape.


hobane e mong le e mong ya iphahamisang o tla kokobetswa, athe ya ikokobetsang o tla phahamiswa.”


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ