Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Isaia 10:26 - BIBELE

26 Morena wa mabotho o tla ba hweba ka phafa, jwaloka mohla a otlang Bamediane fikeng la Orebe. Molamu wa hae o tla o phahamisa hodima lewatle, jwalokaha a na o phahamise hodima Egepeta.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

26 Jehova wa makgotla o tla tlisa phafa hodima Assiria, jwalokaha a kile a otla Midiane lefikeng la Orebe, a emise thupa ya hae hodima lewatle, jwalokaha a entse Egepeta.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Isaia 10:26
21 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ka bona bosiu boo, lengeloi la Morena la tswa, la ya diahelong tsa Baasiria, la bolaya Baasiria ba dikete tse lekgolo le mashome a robedi a metso e mehlano. Ha bosiu bo wela fatshe, kaofela ha bona ya be e se e le ditopo.


Phaphama, tsoha, o nkahlolele, lokisa nyewe ya ka, Modimo wa ka, Morena wa ka.


ba neng ba timele Ene-Dore, ba fetoha moitedi mobung.


Wena phahamisa molamu wa hao, o otlollele letsoho la hao hodima lewatle, mme o le arole koto tse pedi, bana ba Iseraele ba tle ba tsamaye hara lewatle, mobung o ommeng.


Ka baka leo, Morena, Morena wa mabotho, o re: “Lona tjhaba sa ka se phelang Sione, le se ke la tshaba Baasiria, bona ba le otlang ka molamu, ba le phahamisetsang koto jwalokaha Egepeta e ile ya etsa.


Masalla a tjhaba sa hae a tswang Asiria, a tla tsamaya mmileng o phatlaletseng, jwaloka mohla Baiseraele ba tswang Egepeta.


Morena o tla utlwahatsa lentswe le tlotlehang la hae, a bonahatse tsoho la hae ha le theoha, le theoha ka mabifi le ka kgalefo, ka malakabe a mollo o timetsang, ka leru le phatlohang, le ka difefo, le ka sefako.


Baasiria ba tla tshoswa ke ntswe la Morena, ha Morena a ba otla ka molamu wa hae.


Ha Morena a ba otla ka molamu wa hae, ho tla thoholetswa ka meropa le diharepa, mme Morena ke yena ya tla ba kgakgatha ka molamu wa hae.


O atisitse setjhaba, thabo ya sona wa e eketsa, sa thaba pontsheng ya hao, jwalokaha batho ba thabela kotulo, ba thabela ho arolelana kgapo.


Joko e neng e se imela, le molamu o neng o le mahetleng a sona, le thupa ya mohlorisi wa sona, tsena o di robile sa mohla o hlolang Bamede.


Baditjhaba ba ile ba halefa, jwale ha fihla kgalefo ya hao, le nako ya ho ahlola bafu, le ya ho putsa bahlanka ba hao, baporofeta, le bahalaledi, le bohle ba o tshabang, ba banyenyane le ba baholo; le nako ya ho timetsa ba timetsang lefatshe.”


Ka molomong wa hae ho tswa sabole e bohale, eo a tlang ho hlatha ditjhaba ka yona. O tla di busa ka lere la tshepe, a hatikele setlhotlelo sa veine ya kgalefo e tukang ya Modimo ya matla wohle.


Ba tshwara mahosana a mabedi a Bamidiane, e leng Orebe le Seebe. Ba bolaela Orebe lefikeng le Orebe, Seba yena ba mmolaela setlhotlelong sa Seba. Ba phaladisa Bamidiane, mme hlooho ya Orebe le hlooho ya Seba ba di isa ho Gideone a le mose ho Jorodane.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ