Habakuke 3:8 - BIBELE8 Morena, na o ne o halefetse dinoka? Na kgalefo ya hao e ne e tloketse melatswana, kapa o ne o halefetse lewatle, ha o no palame dipere tsa hao, o kaletse kariki tsa hao tsa tlholo? အခန်းကိုကြည့်ပါ။Sesotho 1909/1961 (SO)8 Hleka bohale ba hao bo tuketse dinoka, Jehova? hleka bo tuketse dinoka? a o halefetse lewatle, ha o tsamaya ka pere tsa hao le makoloi a hao a poloko? အခန်းကိုကြည့်ပါ။ |
Yaba Morena o re ho Moshe: “Ere ho Arone: ‘Nka molamu wa hao, o otlolle letsoho la hao hodima metsi a Egepeta, le hodima dinoka tsa bona, le hodima dinokana tsa bona; le hodima matsha a bona, le hodima metsi a bona wohle a bokellaneng, hore a tle a fetohe madi.’ Ho tla ba le madi naheng yohle ya Egepeta, esita le meruleng le meritshwaneng.”
“Ke hobaneng ha ke fihla ke fumaneng ho se na motho? Yare ha ke bitsa ka hloka ya nkarabang? Na tsoho la ka le fokola hoo nke keng ka le lopolla? Na ke hloka matla a ho le namolela? Bonang! ha ke kgalema ke pshesa metsi a lewatle, dinoka tsona ke di fetole lehwatata; tlhapi tse phelang nokeng tseo di nkge, di re phu! di hloke metsi, di be di shwe ke lenyora.