Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Habakuke 3:19 - BIBELE

19 Morena Modimo ke yena ya mmatlafatsang, ya potlakisang maoto a ka jwaloka a dikgama, ya ntsamaisang hodima dihlaba. Taelo ho motsamaisi wa dibini: E binwe ka diletsa tsa dikgwele.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

19 Jehova Morena ke matla a ka; o tla fetola maoto a ka, a be jwaloka a dikgama; o tla ntsamaisa hodima nqalo tsa ka tse phahameng. Ho mophokodi. Ka diletsa tsa ka tse tidinngwang.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Habakuke 3:19
25 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Bara ba bararo ba Seruya, e leng Joabe, le Abishai, le Asaele, ba ne ba le teng; Asaele a le lebelo jwaloka kgama ya naha.


O potlakisa maoto a ka jwaloka a kgama, o mpea hodima dihlaba.


Sa motsamaisi wa dibini. Sefela sa Davida, mohlanka wa Morena, seo a neng a se binele Morena, mohla Morena a mo namoletseng matsohong a dira tsa hae, le matsohong a Saule,


Modimo ke mang, haese Morena? Lefika ke mang, haese Modimo wa rona?


Ke yena Modimo ya mmatlafatsang, ya ntsamaisang tseleng e ntle;


ya potlakisang maoto a ka jwaloka a dikgama, ya mpeang hodima dihlaba;


Pesalema ya Davida. Morena ke lesedi la ka le pholoho ya ka; nka tshaba mang? Morena ke setshabelo sa bophelo ba ka; nka tshoha mang?


Sefela sa bara ba Kora. Taelo ho motsamaisi wa dibini: Se binwe ka lentswe le lesesanyane.


Thothokiso e nang le thuto. Taelo ho motsamaisi wa dibini: E binwe ka diletsa tsa dikgwele. Pesalema ya Davida.


Lona baradi ba Jerusalema ke a le laya, ke le laya ka ditshepe le ka dikgama tsa naha: Le se tsose moratuwa wa ka kapa la mo sisinya, ho fihlela yena a ka rata ho tsoha.


Modimo ke mopholosi wa ka, ke tla mo tshepa, mme ke se ke ka tshaba; Morena ke matla a ka, ke pina ya ka, Morena o fetohile mopholosi wa ka.”


“Batho bohle ba tla bua ka nna, ba re: ‘Ho loka le matla di ho Morena a inotshi.’ Bohle ba ileng ba mo halefela, ba tla tla ho yena, ba hlabiswe dihlong.


ke hona o tla thabela Morena, a etse hore lefatshe lohle le o hlomphe, o je lefa la ntataomoholo Jakobo.” Ke Morena ya buileng jwalo.


Morena Modimo o bua tjena: Dira di ile tsa tsheha, tsa re: “Aha! Dihlaba tsa boholoholo re di hapile!” ’


Matla a bona a tla tswa ho Morena, ba mo kgumamele, ba mo hlomphe,” ho rialo Morena.


Ka ho ya ka boholo ba tlotla ya hae, a ke a le ekeletse matla ka Moya wa hae le tle le matlafale bothong ba lona ba moya,


“A mo etsa mmusi wa phahama tsa lefatshe, a phela ka ho ja mabehwa-ke-naha; a mo momontsha mahe a dinotshi a etswa lefikeng, a mo fa ole e etswa fikeng la moralla;


O lehlohonolo hakaakang, wena Iseraele! Ke mang ya ka tshwanang le wena? Le setjhaba se pholositsweng ke Morena, ke thebe ya lona e le thusetsang, ke yena sabole ya tlotla ya lona. Dira tsa lona di tla ineela ho lona, lona le di hatakele hodimo.”


Nka etsa tsohle ka Kreste ya mmatlafatsang.


Le tla matlafatswa ka mekgwa yohle, ka matla a tswang tlotleng ya hae, hore le tle le be le tiisetso le mamello e phethehileng.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ