Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Habakuke 3:17 - BIBELE

17 Leha fate sa feiye se ke ke sa fupa, kapa fate sa morara sa se ke sa beha; leha mohlwaare o ke ke wa beha ditholwana, kapa kotulo ya eba siyo masimong; leha masaka a dikgutswane a ka oma, kapa masaka a dikgomo a mela mohlwa,

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

17 Hobane feiye e ke ke ya palesa, mme merara e ke ke ya beha letho; se tshepilweng mohlwaareng se tla ba siyo, masimo a ke ke a hlahisa dijo; manku a tla hlokeha masakeng, ditaleng ha ho sa tla ba le makgomo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Habakuke 3:17
13 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Naha ee e tla dula e omeletse, e dule e omeletse ho fihlela neng, dimela di pone ho fihlela neng? Kahobane ba phelang naheng ena ba kgopo, diphoofolo le dinonyana di shwele. Ho feta mona, batho ba re: “Ha a na ho bona seo re se etsang.”


Se tla ja dijalo le dijo tsa hao, se je bara le baradi ba hao; se je mehlape ya dikgutshwane le ya dikgomo, se je morara le feiye ya hao. Metse e hahetsweng marako, eo o e tshepang, e tla timetswa ka sabole, e timetswe ke sera seo.


“Le tla jala, empa le ke se kotule letho; le tla tlhotla tholwana tsa mohlwaare, empa le ke se itlotse ka ole ya tsona; le tla tlhotla tholwana tsa morara, empa le ke se nwe veine ya tsona.


Ke tla thibela ditsie, di se ke tsa senya dijalo tsa lona masimong, le ditholwana tsa morara wa lona di se ke tsa phutsa,” ho rialo Morena wa mabotho.


Re patiswa ka nqa tsohle, empa ha re bjaratsehe; re a tsieleha, empa ha re nyahame pelo;


re a hloriswa, empa ha re furallwe ke bohle; re ratlanngwa fatshe, empa ha re shwe.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ