Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Habakuke 3:16 - BIBELE

16 Ha ke utlwa ke ile ka ferekana, ka bebenya melomo ha ke utlwa modumo oo; masapo a ka a qala ho bola, maoto a ka le wona a rerekela. Empa tsatsi la koduwa ke tla le lebella, tsatsi leo ke le lebelle ka mamello, hore le tjhabele tjhaba se re futuhetseng.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

16 Ke utlwile, mme mmele wa ka o a nyaroha; lentsweng leo, melomo ya ka e a otlana, ho bola ha kena masapong a ka, ke ntse ke thothomela, ha ke tshwanetse ho lebella, ke kgutsitse, letsatsi leo la tlokotsi leo setjhaba se tlang ho futuhelwa ke ya tla tla se lwantsha.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Habakuke 3:16
29 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

ke lala ke tjhobelwa ke masapo bosiu, bohloko bo nkokonang ha bo mphe sebaka.


Tlalo la ka le letsho ke ho kgakgapheha, masapo a ka a a tjhesa ke ho opelwa.


Mmele wa ka o thothomela ke ho o tshaba, mme ke tshohile dikahlolo tsa hao.


Ha a ipiletsa ho nna ke tla mo araba; matshwenyehong ke be le yena, ke mo lopolle, ke mo tlotlise.


Mosadi ya lokileng ke moqhaka ho monna wa hae, ya hlabisang dihlong yena ke mofetshe, ke mofetshe o jang monna hae masapo.


Pelo e nang le kgotso e phedisa motho hantle, empa mona o bodisa masapo a motho.


Theka la ka le opa habohloko, ke tshwerwe ke mahlaba sa mosadi a kena tlung, ke kotlobane hoo ke sitwang ho utlwa, ke tshohile hoo ke sitwang ho bona.


Malebana le baporofeta, Jeremia o re: Pelo ya ka e nyahame kahara ho nna, e nyahamisitswe ke baporofeta; masapo a ka wohle a kenwe ke thothomelo. Ka baka la Morena le mantswe a halalelang a hae, ke se ke itshwanela le monna wa letahwa, ke tshwana le monna ya itlopileng veine.


Jo, tsatsi leo le leholo haholo! Ha ho na le ka tshwanang le lona: Ke tsatsi la tlokotsi ya tjhaba sa ka, empa tjhaba seo se tla phonyoha ho yona.


“Ke longwa ke mala! Ke longwa ke mala! Botebo ba pelo ya ka bo tletse mahlaba! Pelo ya ka e uba kahare ho nna; nke ke ka kgutsa, hobane ke utlwile modumo wa lenaka le mokgosi wa ntwa.


Wena ntlo ya Iseraele,” ho rialo Morena, “ke tlisa tjhaba se tswang hole ho o futuhela, tjhaba sa kgale, sa boholoholo, tjhaba seo puo ya sona o sa e tsebeng, tjhaba seo leme le sona o sa le tsebeng.


Morena o rometse mollo o theoha hodimo, wa nkena masapong, wa tjhatjhametsa; maotong a ka o tjhehile leraba, a etsa hore ke be ke kgutle, ke kgutle ka santhao. O nkentse hore ke sale ke le inotshi, o ntjesa bodutu kamehla yohle.


Oho, Morena, bona ke tsielehile! Moya wa ka o ferekane haholo! Pelo ya ka e tshwenyehile haholo, hobane ke o fetohetse haholo! Diterateng sabole e a bolaya, ka matlung ho nkga lefu feela!


Jwale Moya wa mphahamisa, wa nkuka wa ya le nna, ka tsamaya ke utlwile bohloko, ke halefile, mme matla a tswang ho Morena a ntsukutla haholo.


Ka baka leo, ka sala ke le inotshi, ke bohile pono e kgolo, mme ka fellwa ke matla, tshobotsi ya ka ya fetoha, ka tsherema mangwele.


Ka utlwa lentswe la hae ha a bua, mme ha ke le utlwa ka wela fatshe ka sefahleho, ka akgeha.


Yaba nna Daniele, ke a akgeha, mme ka qeta matsatsi a mangata ke kula. Hamorao ke ile ka tsoha, ka nna ka phetha mesebetsi eo ke neng ke e abetswe ke kgosi. Pono ena e ile ya mmakatsa, empa ha ho motho ya neng a ka e utlwisisa.


Morena, botumo ba hao ke bo utlwile, le yona mesebetsi ya hao ke a e tshaba, Morena. Ako e ntjhafatse mehleng ena ya rona, o etse hore e tsejwe bophelong ba rona, leha o halefile o nno hopole ho hauhela.


Ka tiisetso ya lona le tla ithuela bophelo.”


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ