“Bona, ke tla o etsa selei se phophothang, se setjha, se nang le meno e ntjhotjho. O tla thua dithaba, o di phophothe, maralla wona o a sile, a ke mmoko;
Morena wa mabotho, Modimo wa Iseraele, o bua tjena: “Morwetsana Babilona, o tshwana le seotlo, ka nako eo ho polwang ka yona, nako ya hore a kotulwe e haufi.”
Morena o bua tjena: “Baahi ba Damaseka ba ntshitetswe ka makgetlo a se na palo, kahoo ha nka ke ka ba tshwarela; ba siditse Gileade ka dilei, ka dilei tse nang le meno a tshepe.
feela ke mpa ke halefile haholo, ke halefetse baditjhaba ba iketlileng, hobane eitse ha ke ne ke halefile hanyenyane, yaba ba eketsa matshwenyeho a lona.’