Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Habakuke 2:6 - BIBELE

6 “Kaofela ha bona ba tla mo nyedisa, ba mo nyahanye, ba mo nyefole, ba re: ‘Ho madimabe ya ipokellelang tsa boshodu, ya ithuisang ka ho hanyapetsa batho! Hoo ho tla ba jwalo ho fihlela neng?’

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

6 ditjhaba tseo kaofela na di ke ke tsa etsa papiso hodima hae, le pina ya sesomo, le dilotho na? Mme ho tla thwe: Ho madimabe ya ipokellelang seo e seng sa hae, ... o tla nne a etse jwalo ho le hokae? ... ya ipelesang ka tse amohilweng!

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Habakuke 2:6
25 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ba kgopo ba tla thaba ho fihlela neng? E tla ba ho fihlela neng, Morena?


Ya tlatlapang mofutsana ho ikekeletsa leruo, a bile a etsetsa barui dimpho, o tla futsaneha.


hobane kgosi eo e re: “Hona ke ho entse ka matla a matsoho a ka, le ka bohlale ba ka, hobane ke na le kutlwisiso; ke ile ka suthisa meedi ya ditjhaba, ka hapa le matlotlo a tsona; jwaloka ya matla ka kokobetsa baahi ba tsona.


Kgopolo e jwalo e ka ho itjella molora, pelo e thetsehileng e ya mo kgelosa, a ke ke a ipholosa, kapa a re: “Ho ka tsohong la ka le letona na hase thetso?”


Ho madimabe lona ba inkelang matlo a batho, lona ba itjellang masimo a batho, ho fihlela baka sohle e le sa lona, le phela le le inotshi naheng eo.


Le senyetsang tjhelete ka tseo e seng bohobe? Dintho tse sa kgotsofatseng, keng ha le di sebeletsa ka thata? Mmameleng ka hloko, le je tse molemo, meya ya lona e ithabise ka tse monate.


Jwaloka nonyana e fuamang mahe e se a yona, ya ruang ka mano le yena o jwalo, bohareng ba bophelo ba hae maruo ao a tla mo fella, qetellong bothoto ba hae bo bonahale.


Bathopuwa bohle ba tswang naheng ya Juda, ba isitsweng Babilona, ha ba rohaka motho, ba tla re: Morena a ke a le etse seo a neng a se etse Sedekiya le Akabe, bao kgosi ya Babilona e neng e ba tjhese ka molla,


Ka baka la hobane Morena a halefile, Babilona ha e ka ke ya eba le baahi, e tla fetoha nanaola kahohlehohle. Bo-mofeta-ka-tsela ba tla e makalla! Ba tsote ha ba bona dikotlo tsa yona!


Dinatla tsa bahlabani ba Nqalong ya Bafu di tla bua ka Faro le ba thusanang le yena, di re: ‘Ba theohetse mona, mme ba rapaletse le maqai a bolailweng ka sabole.’


Mohla tsatsi leo ba tla le soma, ba le binele kodi-ya-malla ba re: ‘Re fela re faladitswe, Morena o re amohile naha ya rona, a e abela bathopi ba rona.’ ”


Tsohle di tshwaswa ka dilope, di tshwaswa ke sera, se be se di tshwase ka letlowa la sona, se nto di hula ka seketswana sa sona, se etse ditlatse tsa nyakallo ha se tshwasitse.


“Ho madimabe ba hahileng motse wa bona, ba o hahileng ka ho tsholla madi, ba o haha hodima moralo wa bolotsana!


Na hase Morena wa mabotho ya ileng a rera, hore mosebetsi wa batho o fediswe ka mollo, le hore ditjhaba di sebeletse lelea?


Bileame a boela a porofeta, a re: “Tsoha Balake, o mamele! Ntshekehele tsebe, mora wa Sipore.


Bileame a porofeta, a re: “Balake, kgosi ya Moabe, e tswang thabeng tsa botjhabela, o ntlisitse kwano ke etswa Arame. ‘Tloo o nthohakele Jakobo! Tloo o halefele Baiseraele.’


“Empa Modimo a re ho yena: ‘Lewatla towe, ka bosiu bona o tla amohuwa bophelo ba hao; jwale tseo o di lokisitseng e tla ba tsa mang?’


Qetello ya dintho tsohle e atametse. Ebang le boitshwaro, mme le fadimehele ho rapela.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ